Jehova, letsoho la hao le matla, empa ha ba ka ba le lemoha; ba tla bona tjheseho ya hao eo o tjhesehetseng tjhaba sa hao ka yona, mme ba tla swaba, mollo o tjhese bao e leng dira ho wena.
Ho madimabe ba theohelang Egepeta ho batla thuso, ba itiisang ka dipere, ba tshepang makoloi ka ho re a mangata, ba tshepang le ba kallang dipere, hobane ba matla, athe ha ba tadime Mohalaledi wa Iseraele, mme ha ba batle Jehova!
Ka tsatsi leo, Morena o tla beola ka lehare leo a le adimileng mose wa noka, ke ho re, ka morena wa Assiria o tla beola hlooho le mohwete wa maoto, a tlose le ditedu.
Hobane nna ke tseba mehopolo ya ka eo ke ntseng ke e hopotse bakeng sa lona, ho bolela Jehova, hobane ke mehopolo ya kgotso, e seng ya bobe, ke tle ke le nee qetello e molemo le se ka le tshepisang.
Jehova, ha ke re, mahlo a hao a lemohile nnete? Wa ba otla, ba mpa ba sa utlwe bohloko; wa ba fedisa, ba mpa ba hana ho amohela tayo; ba hlile ba ithatafaditse difahleho ho fetisa lefika, ba hana ho sokoloha.
Bohlola bo teng ditshileng tsa hao, athe ke o hlatswitse, mme leha ho le jwalo, ha o a hlweka; ha o sa tla hlakolelwa ditshila tsa hao, ho fihlela ke kgodisa kgalefo ya ka ka wena.
Jwalokaha ho ngodilwe molaong wa Moshe, bobe bona kaofela bo re hlahetse jwalo. Leha ho le jwalo, ha re a ka ra nolofatsa sefahleho sa Jehova, Modimo wa rona, ka ho baka makgopong a rona, le ka ho hlokomela nnete ya hao.
Ke tla tloha, ke kgutlele nqalong ya ka, ke dule teng, ba tle ba be ba ikutlwe dibe tsa bona, ba batle sefahleho sa ka. Tlokotsing ya bona, ba tla tsohela ho tla ho nna.
Boikgohomoso ba Iseraele bo paka sebe sa hae pepeneneng. Empa leha ho le jwalo, ha ba ka ba kgutlela ho Jehova, Modimo wa bona, le ho mmatla ha ba ka ba mmatla.
Ba kgutla, empa e seng ho ya ho Ya hodimo. Ba jwaloka seqha se sa tshepeheng. Marena a bona a tla dihuwa ke lerumo ka baka la boithoriso ba maleme a wona. Ba tla songwa kahoo lefatsheng la Egepeta.
Ke ne ke romele hara lona lefu la sewa, le tshwanang le la Egepeta, ke ne ke bolaye bahlankana ba lona ka lerumo, dipere tsa lona tsa hapuwa, monko o tswang diahelong tsa lona ka o fihlisa dinkong tsa lona; leha ho le jwalo, ha le a ka la kgutlela ho nna, ho bolela Jehova.
Athe ke ne ke le hlahisetse tlala metseng ya lona yohle, le ho hlokeha ha bohobe dinqalong tsohle tsa lona; leha ho le jwalo, ha le a ka la kgutlela ho nna, ho bolela Jehova.