Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 9:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Ka baka leo, Jehova o tla kgaola Iseraeleng, ka tsatsi le le leng feela, hlooho le mohatla, lekala la palema le moseme.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 Ka tsatsi le le leng Morena o tla kgaola, a kgaole hlooho ya Iseraele le mohatla wa yona, a kgaole lekala, a kgaole le lehlaka.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 9:14
28 Referencias Cruzadas  

Lesedi la Iseraele le tla fetoha mollo, Mohalaledi wa hae e be kgabo e tla tjhesa le ho fedisa meutlwa le dibajwa tsa hae, di tjhe ka tsatsi le le leng feela.


Ha ho mosebetsi o ka thusang Egepeta, o entsweng ke hlooho, leha e le ke mohatla, kapa ke lekala la palema, kapa ke moseme.


ka baka leo, sebe sena se tla sala ho lona jwaloka sekgeo se helehang, se entseng mpa lerakong le phahameng, mme se phakisetsa ho wa ha lona hanghang.


Ka baka leo, ho itswe ke Jehova: Bonang, ke ya beela setjhaba sena dikgopiso; banna le bana hammoho ba tla kgoptjwa ho tsona; motala wa teng le motswalle wa hae ba tla timela.


Ba tla hlabiswa dihlong, hobane ba entse manyala; ba tla nne ba hlabiswe dihlong, ba be le maswabi; ka baka leo, ba tla wa le ba wang, mohla ke ba kgalemelang, ba tla hle ba dihuwe, ho bolela Jehova.


Sefahleho sa Jehova se ba qhalantse, ha a sa tla boela a ba tadime. Ha ba ka ba re letho ka baprista, ha ba ka ba hauhela maqheku.


Jehova a re ho Hosea: O mo ree lebitso la Jisreele, hobane ho se ho se hokae, ke tla otla ntlo ya Jehu, ka baka la madi a tsholotsweng Jisreele, ke be ke fedise mmuso wa ntlo ya Iseraele;


Mosadi a boela a emola, a tswala ngwanana; Jehova a re ho Hosea: O mo ree lebitso la Lo-Ruhama (ya sa hauhelwang); hobane ha ke sa tla hauhela ntlo ya Iseraele ka ho e tshwarela.


hobane lona, ha le setjhaba sa ka, le nna ha ke sa le wa lona.


Bethele o tla le hlahisetsa kotsi tseo ka baka la bolotsana ba lona bo fetisisang. Kameso, morena wa Iseraele o tla fediswa ruri.


Ka baka leo, ba tla ba jwaloka mohodi wa hosasa, le jwaloka phoko e tlohang kapele, jwaloka mooko o fefolang seotlong, le jwaloka mosi ha o fefolwa, o etswa ka lesoba le leifo.


O tla kgoptjwa motshehare, moporofeta a kgoptjwe le wena bosiu, mme ke tla fedisa mmao.


Iseraele o a metswa, hara ditjhaba ba jwaloka pitsa e sa ratweng.


Jehova o itse: Jwalokaha modisa a hlwibila maoto a mabedi a nku, kapa sekoto sa tsebe molomong wa tau, ho tla hlwibilwa jwalo bana ba Iseraele ba Samaria, ba dutseng dintlheng tsa malao le hodima diphate tse adilweng masela a Damaseka.


Hobane bonang, Jehova o laetse, mme ntlo e kgolo e tla thuhwa, e fetohe dithako, le ntlo e nyenyane e tla etswa dikgeo.


ka baka leo, ho itswe ke Jehova: Mosadi wa hao o tla betwa hara motse, bara ba hao le baradi ba hao ba dihuwe ke lerumo; naha ya hao e tla arolwa ka kgwele, wena o tla shwa lefatsheng le ditshila, mme Iseraele o tla iswa kgolehong, a ntshwe lefatsheng la hae.


a ntse a eme hole le yena ke ho tshaba dikotsi tsa hae, a re: Jo! jo! Babilona, motse o moholo, motse o matla, kahlolo ya hao e hlahile jwang ka hora e le nngwe!


Mme balaedi ba dikepe kaofela, le bongata bohle bo tsamayang ka dikepe, le ba di tsamaisang, le bohle ba hwebang lewatleng, ba ema hole;


Ka baka leo, dikotsi tsa hae di tla hlaha ka tsatsi le le leng, lefu, bofifi, le tlala, mme o tla tjheswa ka mollo; hobane o matla, Modimo o mo ahlolang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos