O tla ba etsa ba be jwaloka sebopi se tukileng, tsatsing leo o hlahang ka lona; Jehova o tla ba fedisa ka kgalefo ya hae, mme ba tla tjheswa ke mollo;
Hosea 7:6 - Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane ba isa pelo tsa bona makunutung a bona jwaloka seboping. Moapehi wa bona o robala bosiu bohle, hosasa sebopi se tuka ka malakabe a mollo. BIBELE Dipelo tsa bona di tjhesa sa sebopi, ha ba qatjhame, ba laletse kgosi. Kgalefo ya bona bosiu e a kekela, ere bo esa e tuke sa malakabe. |
O tla ba etsa ba be jwaloka sebopi se tukileng, tsatsing leo o hlahang ka lona; Jehova o tla ba fedisa ka kgalefo ya hae, mme ba tla tjheswa ke mollo;
Hobane ha ba na ho robala ba eso ho ka ba etsa bobe; ba fadimehiswa ke ho ngongoreha, ha ba sa ka ba diha motho pele.
Ke bafebi kaofela; ba jwaloka sebopi se besitsweng ke moapehi. O lesa ho tsosa mollo, ha a qala ho duba, hlama e be e kokomohe.
Bohle ba tjhesa jwaloka sebopi ba ja baahlodi ba bona; marena wohle a bona a timela; ho wona ha ho ya bitsang ho nna.
Ho madimabe ba nahanang bolotsana, ba rerang bobe diphateng tsa bona! Ba bo etsa leseding la meso, hobane matsoho a bona ho bona ke modimo.