ke tla ba ntatae, yena e be mora ka. Ha a ka kgeloha, ke tla mo shapa ka thupa ya batho le ka phafa ya bana ba batho;
Hosea 11:4 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ke ne ke ba hule ka kgwele tsa batho, ka kgwele tsa lerato, ke le jwaloka ya lokollang joko melaleng ya bona, ke ne ke ba atamele ka mosa ho ba fepa. BIBELE Ke ne ke ba hula ka kgwele tsa mohau, ke ba hula ka mehala ya lerato; ka tlosa joko molaleng wa bona, ka inamela fatshe, ka ba fepa. |
ke tla ba ntatae, yena e be mora ka. Ha a ka kgeloha, ke tla mo shapa ka thupa ya batho le ka phafa ya bana ba batho;
Moshe a re: Taba e laetsweng ke Jehova ke ena: A ho bolokwe homere e tletseng manna, e bolokelwe ditloholo tsa lona, di tle di bone bohobe boo ke le fepileng ka bona lefeelleng, mohla ke le ntshang lefatsheng la Egepeta.
O nkgule, mme re tla phalla kamora hao. Morena o ntlisitse dikamoreng tsa hae. Re tla thaba, re nyakallele wena, re rorise lerato la hao le fetisang veine. Ba o rata ka lerato la nnete.
Ditsietsing tsohle tsa bona a ba tsietsing le bona, lengeloi la sefahleho sa hae la ba pholosa; o ba lopolotse ka lerato le ka mohau wa hae, a ba tiisa, a ba jara mehleng yohle ya boholoholo.
Athe yena o ne a sa ka a lemoha hoba ke nna ya mo neileng koro le veine le ole, ya bileng a mo atisetsa silefera le kgauta tseo ba sebeletsang Baale ka tsona.
Ke nna Jehova, Modimo wa lona, ya le ntshitseng naheng ya Egepeta, le tle le se ke la hlola le eba bahlanka ba bona; ke robile joko e neng e le imela, mme ke le tsamaisitse ka hlooho tse leletseng.
Hobane lerato la Kreste le re tlamile; re tswe re dumetse hoba, e mong ha a shwetse bohle, bohle le bona ba shwele;
o mo fepile ka sereledi sa dikgomo, le ka lebese la dinku, le ka mafura a dikonyana, le ka dipheleu tse tswaletsweng Bashane; ka diphooko, le ka lefi la koro ya sebelebele e nonneng; mme o nwele veine ya sebele, metsi a mafubedu a morara.