Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 16:32 - Sesotho 1909/1961 (SO)

32 Moshe a re: Taba e laetsweng ke Jehova ke ena: A ho bolokwe homere e tletseng manna, e bolokelwe ditloholo tsa lona, di tle di bone bohobe boo ke le fepileng ka bona lefeelleng, mohla ke le ntshang lefatsheng la Egepeta.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

32 Jwale Moshe a re: “Seo Morena a se laetseng ke sena: ‘Tlatsang dilethara tse pedi ka manna, le a bolokele ditloholo tsa lona, e le hore di tle di bone bohobe boo ke ileng ka le fepa ka bona lehwatateng, hoba ke le ntshe naheng ya Egepeta.’ ”

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 16:32
11 Referencias Cruzadas  

Hopolang mehlolo ya hae eo a e entseng, le meeka ya hae, le dikahlolo tse tswileng molomong wa hae,


Ke yona taba eo Jehova a le laetseng yona, a re: E mong le e mong ho lona a ipokellele ho lekaneng ho ja ha hae, motho a inkele homere, ka palo ya batho bao le nang le bona; motho a nkele ba tenteng ya hae.


Ba ntlo ya Iseraele ba rea ntho eo lebitso la manna; e ne e tshwana le hlaku tse tshweu tsa koriandere, mme monateng e le jwaloka dinkgwa tse dubilweng ka dinotshi.


Yaba Moshe o re ho Aarone: Nka nkgo, o e tshele homere e tletseng ya manna, o e bee pela Jehova, e tle e bolokelwe ditloholo tsa lona.


Empa ke yona taba eo ke ba laetseng yona, ka re: Le nne le mamele lentswe la ka, mme ke tla ba Modimo wa lona, lona le be setjhaba sa ka, le tsamaye mehlaleng yohle eo ke le laelang yona, le tle le hlohonolofale.


Ke ne ke ba hule ka kgwele tsa batho, ka kgwele tsa lerato, ke le jwaloka ya lokollang joko melaleng ya bona, ke ne ke ba atamele ka mosa ho ba fepa.


A ntoo nka bohobe, mme eitse hobane a lebohe, a bo ngwatha, a ba nea bona, a re: Hona ke mmele wa ka, o neelwang lona; etsang hona hore le tle le nne le nkgopole.


Ka baka leo, e ka kgona re ele ka ho fetisisa ditaba tseo re di utlwileng hloko, esebe ra suthela hole le tsona.


se neng se na le aletare ya dibano ya kgauta, le areka ya selekane e apesitsweng hohle ka kgauta, moo ho kenntsweng pitsa ya kgauta e tshetsweng manna, le thupa ya Aarone e thuntseng, le matlapa a selekane.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos