Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 16:32 - BIBELE

32 Jwale Moshe a re: “Seo Morena a se laetseng ke sena: ‘Tlatsang dilethara tse pedi ka manna, le a bolokele ditloholo tsa lona, e le hore di tle di bone bohobe boo ke ileng ka le fepa ka bona lehwatateng, hoba ke le ntshe naheng ya Egepeta.’ ”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

32 Moshe a re: Taba e laetsweng ke Jehova ke ena: A ho bolokwe homere e tletseng manna, e bolokelwe ditloholo tsa lona, di tle di bone bohobe boo ke le fepileng ka bona lefeelleng, mohla ke le ntshang lefatsheng la Egepeta.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 16:32
11 Referencias Cruzadas  

Hopolang dimakatso tsa hae tseo a di entseng, mehlolo ya hae, le dikahlolo tseo a di boletseng,


Sena ke seo Morena a se laetseng: ‘Motho ka mong a ipokellele ho lekaneng hore a je. Tekanyo ya motho ka mong ke dilethara tse pedi, ho latela palo ya batho; motho ka mong a nkele ba ka tenteng ya hae.’ ”


Yaba setjhaba sa Iseraele se rea dijo tseo lebitso la manna, kaha di ne di tshwana le peo e tshweunyana, mme di latsweha jwaloka dikuku tse entsweng ka mahe a dinotshi.


Yaba Moshe o re ho Arone: “Nka nkgo e le nngwe, o tshele manna a etsang dilethara tse pedi ka ho yona, o e bee kapele ho Morena, e tle e bolokelwe ditloholo tsa lona.”


Empa ke ne ke ba nee molao ona, ka re: Ntlhompheng, ke tla ba Modimo wa lona, mme lona le be setjhaba sa ka. Tsamayang ka ditsela tseo ke le laetseng ho tsamaya ka tsona, le tle le phele hamonate.


Ke ne ke ba hula ka kgwele tsa mohau, ke ba hula ka mehala ya lerato; ka tlosa joko molaleng wa bona, ka inamela fatshe, ka ba fepa.


A nka bohobe, a leboha, a bo ngwatha, a ba nea bona, a re: “Hona ke mmele wa ka o fanwang ka baka la lona; etsang hona hore le tle le nkgopole.”


Kahoo re tlamehile ho hlokomedisisa tseo re di rutilweng, esere ra kgeloha.


Ka ho sona ho ne ho ena le aletare ya kgauta, moo ho neng ho tjhesetswa mokubetso teng, le areka ya selekane e apesitsweng ka kgauta, moo ho kentsweng pitsa ya kgauta e tshetseng manna, le lere la Arone le neng le ile la eba le dithunthung, le matlapa a mabedi ao ho ngotsweng mantswe a selekane ho wona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos