Ngwana a hola, a ba a kgwiswa; mme Abrahama a etsa mokete o moholo ka letsatsi leo Isaaka a kgwiswang ka lona.
Hosea 1:8 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Gomere o kgwesa Lo-Ruhama, mme a boela a emola, a tswala moshanyana. Yaba Jehova o re ho Hosea: O mo ree lebitso la Lo-Ammi (seo e seng setjhaba sa ka); BIBELE Ha Gomere a se a kgwesitse Mohanuwa, a boela a emola, a tswala mora e mong. |
Ngwana a hola, a ba a kgwiswa; mme Abrahama a etsa mokete o moholo ka letsatsi leo Isaaka a kgwiswang ka lona.
Mosadi a boela a emola, a tswala ngwanana; Jehova a re ho Hosea: O mo ree lebitso la Lo-Ruhama (ya sa hauhelwang); hobane ha ke sa tla hauhela ntlo ya Iseraele ka ho e tshwarela.
Haele ntlo ya Juda, ke tla e hauhela, ke e pholose ka Jehova, Modimo wa yona; empa hase ka seqha, le ka lerumo, le ka ntwa, le ka dipere le ka bakalli ke tlang ho e pholosa.