Genese 8:9 - Sesotho 1909/1961 (SO) Empa leeba ha le a ka la bona tulo moo le ka beang bohato ba leoto la lona teng, yaba le kgutlela ho yena arekeng, hobane metsi a ne a sa le teng lefatsheng lohle, mme a nanabetsa letsoho la hae, a nka leeba, mme a le busetsa ho yena arekeng. BIBELE Empa leeba la se ke la fumana moo le ka beang leoto teng, mme la kgutlela ho yena ka arekeng, hobane metsi a ne a sa tletse hohle lefatsheng. A nanabetsa letsoho la hae, a tshwara leeba, a le kgutlisetsa ho yena ka arekeng. |
Etlare hobane ba phonyohileng ba bona ba phonyohe, bohle ba tla ba dithabeng, ba lle jwaloka maeba a dikgutlo, e mong le e mong hodima bokgopo ba hae.
Ha o ka ke wa fumana kgatholoho hara ditjhaba tseo, mme bohato ba leoto la hao bo tla hloka phomolo; hobane hona teng Jehova o tla o nea pelo e thothomelang, le mahlo a bolea, le moya o tepeletseng.