Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 8:9 - BIBELE

9 Empa leeba la se ke la fumana moo le ka beang leoto teng, mme la kgutlela ho yena ka arekeng, hobane metsi a ne a sa tletse hohle lefatsheng. A nanabetsa letsoho la hae, a tshwara leeba, a le kgutlisetsa ho yena ka arekeng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Empa leeba ha le a ka la bona tulo moo le ka beang bohato ba leoto la lona teng, yaba le kgutlela ho yena arekeng, hobane metsi a ne a sa le teng lefatsheng lohle, mme a nanabetsa letsoho la hae, a nka leeba, mme a le busetsa ho yena arekeng.

Ver Capítulo Copiar




Genese 8:9
8 Referencias Cruzadas  

A ema matsatsi a mang a supileng, a nto ntsha leeba hape ka arekeng.


Jwale a ntsha leeba, ho bona hore na metsi a fokotsehile lefatsheng.


Moya wa ka, ako boele o kgatholohe, hoba Morena o o etseditse tse molemo.


“Baa ba pakaselang jwaloka leru ke bafe? Baa ba kang maeba a fofela dihlaheng tsa wona?


Bohle ba tla phonyoha ba tla balehela dithabeng, ba kuruetse sa maeba a dikgohlo, motho ka mong a llele dibe tsa hae.


“Tloong ho nna, lona bohle ba kgathetseng, ba imetsweng, mme ke tla le kgatholla.


“Ditaba tsena ke di buile ho lona hore le tle le fumane kgotso ho nna. Le tla ba le matshwenyeho lefatsheng, empa kgothalang, nna ke hlotse lefatshe.”


Hara ditjhaba tseo le ke ke la fumana boiketlo, le maoto a lona a tla hloka moo a ka hatang teng. Morena o tla etsa hore dipelo tsa lona di tshwenyehe, mahlo a lona a fifale, meya ya lona e hlomohe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos