Genese 6:5 - Sesotho 1909/1961 (SO) Jehova a bona bolotsana ba batho hoba bo boholo lefatsheng, le hoba mmopo wa mehopolo yohle ya dipelo tsa bona o mobe feela ka matsatsi wohle. BIBELE Jwale Morena a bona hore bokgopo ba batho lefatsheng bo boholo haholo, le hore mehopolo ya dipelo tsa bona e tletse bobe kamehla. |
Jehova a fofonela monko o monate, mme Jehova a re ka pelong ya hae: Nke ke ka boela ka rohaka lefatshe ka baka la batho, etswe mehopolo ya motho e le mebe le botjheng ba hae, mme nke ke ka boela ka otla dintho tsohle tse utlwang, jwalokaha ke tswa etsa.
haholoholo o ka sitwa ho tshepa motho ya manyala, ya senyehileng, ya nwang bokgopo jwaloka metsi.
Modimo o tadimile bana ba batho o le lehodimong, o tle o bone hoba na o teng ya nang le kutlwisiso, ya batlang Modimo.
Feela, o tadime sena seo ke se fumaneng: ke hobane Modimo o entse batho ba lokile, empa bona ba batlile mamenemene a mangata.
Bobe bona bo ka ho tsohle tse etswang tlasa letsatsi, ke hoba kotsi e le nngwe e hlahela bohle; eba pelo tsa bana ba batho di tlala bobe, mme pelo tsa bona di tlala bowatla ho pheleng ha bona; kamora moo, ba ikela ho bafu.
Jerusalema, o itlhatswe bolotsana ba pelo ya hao, o tle o namolelwe; mehopolo ya bokgopo e tla ikahela ho le hokae kahare ho wena na?
A re ho nna: Mora motho, na o bone seo baholo ba ntlo ya Iseraele ba se etsang lefifing, e mong le e mong phaposing ya ditshwantsho tsa hae? Hobane ba re: Jehova ha a re bone, Jehova o furaletse lefatshe lena.
Hobane mehopolo e mebe, dipolao, dipoko, mafebe, dikutso, diketselletso, le dinyefolo, di tswa pelong;
E mong ha a utlwile dipolelo tsa thohako ya kano ena ya lona, ekare ha a ka ithorisa pelong ya hae, a re: Ke tla ba le kgotso, leha ke tsamaya kamoo pelo ya ka e thata e lakatsang kateng, hore ke timetse se noseditsweng le se omileng;
Hobane le rona kgale re ne re le dithoto, re le ba hanang ho utlwa, ba lahlehileng, ba buswang ke ditakatso le ke dikgahliso tse ngata, ba phelang lonyeng le mohonong, ba tshwanetseng ho hlouwa, ba hloyanang.
e neng e ikgantshitse kgale, ha Modimo o ne o sa mameletse ka sebete, e leng mehleng ya Nowe, ha ho ne ho hahuwa areka, eo batho ba seng bakae, e leng ba robileng meno e le mmedi, ba pholositsweng ka yona metsing.