leha ba ewa, e mong a ka tsosa molekane wa hae; athe ya nnotshi o madimabe, leha a ewa, ha a na wa bobedi ya mo tsosang.
Genese 3:1 - Sesotho 1909/1961 (SO) Noha e ne e feta ka bohlale diphoofolo tsohle tsa naha, tseo Jehova Modimo a di entseng; mme ya re ho mosadi: A efela Modimo o itse: Le se ke la ja difate tsohle tsa tshimo na? BIBELE Noha e ne e le masene ho feta diphoofolo tsohle tsa naha, tseo Morena Modimo a di entseng. Yaba e re ho mosadi: “Na efela Modimo o itse: ‘Le se ke la ja difate tsohle tse serapeng’?” |
leha ba ewa, e mong a ka tsosa molekane wa hae; athe ya nnotshi o madimabe, leha a ewa, ha a na wa bobedi ya mo tsosang.
Ka letsatsi leo, ka lerumo la hae le thata, le leholo, le matla, Jehova o tla otla leviathane, noha e lebelo, le leviathane, noha e tswedikaneng, a bolaye drakone e lewatleng.
Bonang, ke le roma le le jwaloka dinku hara diphiri; ka baka leo, le be bohlale jwaloka dinoha, mme le be ba se nang mano jwaloka maebanakgorwana.
a re ho yena: Ekare ha o le Mora wa Modimo, o itihele fatshe; hobane ho ngodilwe, ho thwe: O tla o laella mangeloi a wona, mme a tla o kgakeletsa matsohong a wona, hore leoto la hao le se ke la kgoptjwa ke lejwe.
a re ho yena: Ntho tseo kaofela ke tla o nea tsona, ha o ka wa ka mangwele, wa nkgumamela.
Mme hase ho ka makatsang, etswe Satane le yena a ikgakanya ka sebopeho se kang sa lengeloi la lesedi.
Empa ke tshohile, esere mohlomong, jwalokaha noha e ne e thetse Eva ka mano a yona, le ya lona mehopolo e ka senyeha, ya timellwa ke nnete e ho Kreste.
Ka mokgwa o jwalo, le lona banna, le phedisane le bona ka hlokomelo, ka ho re, mosadi ke pitsa e fetisang ka ho fokola, mme le ba hlomphe, etswe e le majalefa hammoho le lona a mohau wa bophelo, merapelo ya lona e tle e se ke ya sitiswa.
Mme drakone e kgolo, e leng noha ya kgale, e bitswang Diabolose le Satane, e thetsang lefatshe kaofela, ya dihelwa; ya lahlelwa ntle, ya dihelwa lefatsheng, le mangeloi a yona.
La tshwara drakone, noha ya kgale, e leng Diabolose le Satane, mme la e holehela dilemo tse sekete.