Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Tshenolo 12:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Mme noha ya phutsalatsa kamora mosadi metsi a ka ka a noka, a tle a nkwe ke wona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

15 Ka molomo wa yona, noha ya tshwela metsi a phallang kamora mosadi jwaloka a noka, hore a tle a mo nke.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

15 Noha ya hlatsa metsi a jwaloka noka molomong wa yona kamora mosadi, hore e tle e mo shwele ke noka.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

15 Noha ya hlatsa metsi a jwaloka noka molomong wa yona kamora mosadi, hore e tle e mo shwele ke noka.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 12:15
12 Referencias Cruzadas  

Noha e ne e feta ka bohlale diphoofolo tsohle tsa naha, tseo Jehova Modimo a di entseng; mme ya re ho mosadi: A efela Modimo o itse: Le se ke la ja difate tsohle tsa tshimo na?


Ditlamo tsa lefu di na be di nkopetse hare, diphororo tsa tshenyo di ne di ntshositse.


ya kgutsisang modumo wa mawatle, modumo wa maqhubu a wona, le mohorohoro wa ditjhaba.


Bonang, Morena o ya roma sera se matla, se sa sitweng ke letho, se jwaloka sefefo sa difako, le jwaloka setsokotsane se senyang hohle, le jwaloka morwallo wa metsi a maholo a tlalang hohle; o tla dihela moqhaka oo fatshe ka matla.


Ke moo ba tlang ho tshaba lebitso la Jehova bophirimela, le kganya ya hae botjhabela; etlare ha dira di etla jwaloka noka, moya wa Jehova o tla di qhalanya.


ka baka leo, Morena o tla tlisa metsi a maholo a matla a noka hodima sona, ke ho re morena wa Assiria le boholo bohle ba hae; noka eo e tla tlola mela ya yona, e phalle hodima mabopo a yona wohle.


Empa ke tshohile, esere mohlomong, jwalokaha noha e ne e thetse Eva ka mano a yona, le ya lona mehopolo e ka senyeha, ya timellwa ke nnete e ho Kreste.


Empa lefatshe la hla la thusa mosadi; lefatshe la ahlamisa molomo wa lona, mme la metsa noka eo drakone e neng e e phutsaladitse ka molomo wa yona.


Mme drakone e kgolo, e leng noha ya kgale, e bitswang Diabolose le Satane, e thetsang lefatshe kaofela, ya dihelwa; ya lahlelwa ntle, ya dihelwa lefatsheng, le mangeloi a yona.


Yaba lengeloi le re ho nna: Metsi ao o a boneng, ao seotswa se dutseng ho wona, ke merabe, le matshwele, le ditjhaba, le dipuo.


La tshwara drakone, noha ya kgale, e leng Diabolose le Satane, mme la e holehela dilemo tse sekete.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos