La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Genese 21:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Yaba Sara o emola, a tswalla Abrahama mora botsofading ba hae, motsotsong oo Modimo o neng o mmehetse wona.

Ver Capítulo

BIBELE

Sara a ithwala, a tswalla Aborahama mora boqhekung ba hae, ka nako eo Modimo a neng a buile ho yena ka yona.

Ver Capítulo



Genese 21:2
12 Referencias Cruzadas  

Modimo wa re: Tjhe, Sara, mosadi wa hao, o tla o tswalla mora, mme o tla mo rea lebitso la Isaaka; ke tla tiisa selekane sa ka le yena, le leloko la hae le kamora hae, e be selekane se sa feleng.


Empa selekane sa ka ke tla se tiisa le Isaaka, eo Sara a tlang ho o tswalla yena isao, wona motsotsong ona.


A re: Ke tla kgutlela ho wena kannete, ha selemo se boya, mme bona, Sara, mosadi wa hao, o tla ba le mora. Athe Sara o ne a ntse a mametse monyako wa tente, kamora hae.


Hleka taba e teng e ka sitang Jehova? Ka nako e beilweng, ke tla kgutlela ho wena, ha selemo se boya, mme Sara o tla ba le mora.


Mme bona, Elisabetha, motswalao, le yena o emere mora botsofading ba hae; kgwedi ena e se e le ya botshelela ya ya neng a bitswa nyopa.


Yaba o mo nea selekane sa lebollo. A tswala Isaaka jwalo, a mmolotsa ka letsatsi la boroba meno e le mmedi. Isaaka a tswala Jakobo; Jakobo yena a tswala bapatriareka ba leshome le metso e mmedi.


Hobane lentswe la pallo ke lona lena: Ke tla tla ka nako e jwaloka ya jwale, mme Sara o tla ba le mora.


Athe ho ngodilwe hore Abrahama o bile le bara ba babedi, e mong e le wa mosadi ya rekilweng, e mong e le wa mosadi ya sa rekwang.


Ka tumelo, Sara le yena o filwe matla a ho emola peo, a ba a tswala a se a tsofetse, kahobane a ne a dumetse hoba ya mmaletseng ke ya tshepehang.


Ka thola ntata lona Abrahama mose wane ho noka, ka mo tsamaisa hara naha yohle ya Kanana, ka atisa bana ba hae, ka mo fa le Isaka;