Yaba o arola makgotla a hae, a ba patela bosiu, yena le bahlanka ba hae, a ba hlola, a ba tebela ho isa Khoba, ka ho le letshehadi ho Damaseka.
Genese 15:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) Abrame a re: Morena Jehova, o tla nneang, ha e le mona ke ikela ke se na bana, mme mojalefa wa ntlo ya ka e le Modamaseka eo Eliesere? BIBELE Empa Aborame a re: “Oho, Morena Modimo, o tla nneang, ha e le moo ke tla shwa ke se na ngwana, mme mojalefa wa ntlo ya ka e le Eleesere wa Modamaseka?” |
Yaba o arola makgotla a hae, a ba patela bosiu, yena le bahlanka ba hae, a ba hlola, a ba tebela ho isa Khoba, ka ho le letshehadi ho Damaseka.
Kamora taba tsena, lentswe la Jehova la fihla ho Abrame ka pono, la re: Se tshabe, Abrame; ke nna thebe ya hao, mme moputso wa hao o tla ba moholoholo.
Abrame a ba a re: Bona, ha o a nnea lesika, mme jwale ya tswaletsweng tlung ya ka e tla ba mojalefa wa ka.
Yaba mohlanka o nka dikamele tse leshome ho dikamele tsa mong a hae, a tsamaya; etswe dintho tsohle tsa mong a hae di ne di le diatleng tsa hae; a tloha, a ya Mesopotamia, motseng wa Nakore.
Jwale Abrahama a re ho mohlanka wa hae e moholo ka tlung ya hae, ya neng a laola tsohle tseo a nang le tsona: Ako bee hle seatla sa hao katlasa serope sa ka,
Isaaka a rapela Jehova bakeng sa Rebeka, mosadi wa hae, hobane e ne e le nyopa; Jehova a utlwa thapelo ya hae, mme Rebeka, mosadi wa hae, a emola.
ha ho e moholo ho nna ka tlung ena, mme ha a nkganele le letho haese le wena, kahobane o le mosadi wa hae; nka etsa jwang bobe bo boholo hakalo, ka sitelwa Modimo na?
Josefa a laela mohlahlobi wa ntlo ya hae, a re: Tshela mekotla ya batho bao koro, o lekanye kamoo ba ka belesang kateng; o busetse tjhelete ya e mong le e mong molomong wa mokotla wa hae.
Tshepo ha e dieha ho phetheha, e babisa pelo; empa ha ho hlaha seo motho a se dumang, ke sefate sa bophelo.
Mohlanka ya bohlale o tla busa mora e mobe wa monga hae, a je lefa hammoho le bara ba monga hae.
Boporofeta hodima Damaseka: Bonang, Damaseka o se a tla leswa ho balwa palong ya metse, a fetohe qubu ya dithako.
ke tla a fa bodulo le lebitso le fetisang la mora le la moradi ka tlung ya ka le marakong a ka; ke tla a fa lebitso le hlolehileng, le ke keng la fela.
Bakeng sa Damaseka: Hamathe o hlabisitswe dihlong le Arpade; kahobane ba utlwile taba e mpe, ba fokola; tsietsi e teng lewatleng, mme le sitwa ho kgutsa.
Ha o a ka wa mo abela lefa teng, leha e le sebakanyana se ka ka se ka hatwang ka leoto, wa mpa wa mmalla hore o tla mo fa yona, e tle e be leruo la hae le la ditloholwana tsa hae kamora hae, leha a ne a eso ho be le ngwana.
Mohlanka ya beilweng molebedi wa bahedi a araba, a re: Ke morwetsana wa Moabe ya sa tswa fihla le Naomi, a etswa naheng ya Moabe.
A itlama ka kano, a re: Jehova wa makgotla, ha o ka tadimisisa bohloko ba lekgabunyane la hao, leha o ka nkgopola, o sa lebale lekgabunyane la hao, leha o ka fa lekgabunyane la hao ngwana e motona, ke tla mo neela Jehova ka ditshiu tsohle tsa ho phela ha hae, mme lehare ha le ka ke la mmeola hlooho.