Dihlekehleke tsa ditjhaba di ne di arohane ka mafatshe a tsona ke batho bao, mong le mong ka puo ya hae, ka mefuta ya bona, le ka ditjhaba tsa bona.
Genese 10:4 - Sesotho 1909/1961 (SO) Bara ba Javane ke Elisha, le Tarshishe, le Kittime, le Dodanime. BIBELE Bana ke bara ba Jafane: Elisha, le Tarashishe, le Kitime, le Dodanime. |
Dihlekehleke tsa ditjhaba di ne di arohane ka mafatshe a tsona ke batho bao, mong le mong ka puo ya hae, ka mefuta ya bona, le ka ditjhaba tsa bona.
Boporofeta hodima Tire: Bokollang, lona dikepe tsa Tarshishe, hobane o senyehile; matlo ha a sa le yo, ha ho sa le moo ho kenwang teng; ba utlwile taba eo e etswa naheng ya Kittime.
O itse: Ha o sa tla thaba, wena morwetsana ya senyehileng, moradi wa Sidone! Tsoha, o ikele Kittime, o tshelele teng; empa le teng o ke ke wa bona phomolo.
Tarshishe o ne a hweba le wena ka mesebetsi e mefutafuta; ba teng ba ne ba anaya tsa hao ka silefera, le tshepe, le tine, le loto.
Dikepe tsa Tarshishe di ne di sebedisa kgwebo ya hao. Ke kahoo o enneng, o bileng o itlotlisitse hara bodiba ba mawatle.
di entse masokwana a hao ka dieike tsa Bashane; ditulo tsa hao di di entse ka dinaka tsa ditlou tse hometsweng difateng tsa bokise tsa dihlekehleke tsa Kittime.
Ka lene e ntle e homilweng ya Egepeta o ne o entse masela a hao le folaga ya hao, purepera le sekarelata sa dihlekehleke tsa Elisha o di nketse masela a hao a dilepello.
Hobane dikepe tsa Kittime di tla tla ho mo lwantsha, mme o tla fellwa ke pelo, a kgutlele morao. O tla halefela selekane se halalelang, o tla se lwantsha, a boele a kopanye puo le ba kwenehetseng selekane se halalelang.
Dikepe di tla tswa Kittime, di kokobetse Moassiria, di kokobetse le Moheberu; empa hamorao le yena o tla timela.