Bona ke boporofeta malebana le Tire: Bokollang lona dikepe tsa Tarashishe, hobane Tire e ripitlilwe, ha ho sa na ntlo, ha ho sa na kou ya dikepe! Tsebiso ena e tswa naheng ya Kitime, e senoletswe ba naha ya Tire.
Yaba o re: “Wena moradi wa Sidone ya ripitlilweng, o ke ke wa hlola o nyakalla hape! Leha o ka tsamaya wa tshelela Kitime, le teng phomolo o ke ke be wa e bona!”
“ ‘Motse wa Tarashishe wa hweba le wena ka baka la bongata ba matlotlo a hao; thepa ya hao ya kgwebo ba e ananya ka silefera le tshepe le lekapa le loto.
Ka fate tsa eike tse tswang Bashane ba etsa masokwana, ba a etsetsa wena; ka fate tsa kipere tse tswang Kitime ba etsa sethala, ba se etsetsa wena, ba o kgabisa ka manaka a tlou.
Diseile tsa hao ba di entse ka lene, lene e homilweng, e tswang Egepeta, e bile ke yona mokgele wa hao; masira a hao a maputswa, a perese, ke a tswang mabopong a Elisha.
Ba Kitime ba tla e futuhela ka dikepe, mme e tla kgathala matla. E tla kgutla e halefile, a fihle e hlatsetse kgalefo ya yona hodima selekane se halalelang, ebe e hauhela ba kwenehetseng selekane seo.