ka ditsebe tsa rona re utlwa wewetso e nyenyane ya tsona. Empa seaduma sa matla a wona, ke mang ya ka se utlwang?
Genese 1:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) Lefatshe le ne le hloka sebopeho, le le feela; lefifi le ne le le hodima bodiba, mme Moya wa Modimo o ne o solla hodima metsi. BIBELE Lefatshe le ne le se na sebopeho, le se na letho; lefifi le ne le aparetse bodiba. Moya wa Modimo o ne o okaokela metsi. |
ka ditsebe tsa rona re utlwa wewetso e nyenyane ya tsona. Empa seaduma sa matla a wona, ke mang ya ka se utlwang?
O ne o ale boputswa ba leboya hodima sebaka se feela, wa fanyeha lefatshe hodima bodiba.
Tsela ya yona e benya mehlaleng ya yona, ho le jwaloka hoja lewatle e le moriri o moputswa.
Ha o boela o romela moya wa hao, di boele di tswalwe; mme o ntjhafatse tshobotsi ya lefatshe.
Mahodimo a entswe ke lentswe la Jehova, le makgotla wohle a wona ke pudulo ya molomo wa hae.
Empa jwaloka dinonyana ha di otlolla mapheo a tsona, Jehova wa makgotla o tla sireletsa Jerusalema ka mapheo a hae; a apese, a namolele, a qenehele, a pholose.
Hobane Jehova, mmopi wa Mahodimo, Modimo o bopileng lefatshe, moetsi wa lona ya le tiisitseng, ya sa ka a le bopela lefeela, ya mpang a le bopetse hore le ahuwe, o bolela, o re: Ke nna Jehova, e mong ha a yo.
Ke tadima lefatshe, mme bonang le sentswe, le feela; le wona mahodimo, mme a hloka lesedi la wona.
Ho a hapjwa, ho a hlakolwa, ho a senngwa! Pelo e a qhibidiha, mangwele a tlakasela, matheka kaofela a tshwerwe ke bohloko, difahleho tsohle di saretswe!
Hobane Modimo o kileng wa re: Lesedi le hlahe lefifing, ke wona o bonesitseng dipelong tsa rona, ho hlahisa lesedi la tsebo ya kganya ya Modimo e bonahalang ho Jesu Kreste.
A etsa jwaloka ntsu ha e tsosa madinyane a yona, mme e okaokela hodima wona, e emisa mapheo a yona, e nka bana ba yona, mme e ba pepa mapheong a yona.