Genese 1:10 - Sesotho 1909/1961 (SO) Modimo wa bitsa moo ho omileng lefatshe, pokello ya metsi wa e bitsa mawatle; mme Modimo wa bona hoba ho molemo. BIBELE Modimo a re mobu o ommeng ke “lefatshe”, metsi a bokellaneng wona a re ke “mawatle”. Modimo a bona hore hoo ho hotle. |
Kganya ya Jehova e ke e hlolehe ka ho sa yeng kae! Jehova a ke a ithabele mesebetsing ya hae.
O entse mahodimo le lefatshe, lewatle le tse ho lona kaofela, o boloka nnete ka ho sa feleng.
Lewatle ke la hae, ke mosebetsi wa hae, le lona lefatshe le tiileng le bopilwe ke diatla tsa hae.
A re ho bona: Ke Moheberu, mme ke tshaba Jehova, Modimo wa mahodimo, ya entseng lewatle le lefatshe.
Ke Lefika; mosebetsi wa hae o phethehile, hobane ditsela tsa hae kaofela di lokile: ke Modimo o tshepehang, o se nang bokgopo; o lokile, o kgabane.