Ke simolla ka ho leboha Modimo wa ka ka Jesu Kreste ka baka la lona bohle, kahobane tumelo ya lona e roriswa lefatsheng lohle.
Filemone 1:4 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ke leboha Modimo wa ka kamehla, ha ke ntse ke o hopola merapelong ya ka, BIBELE Kamehla ha ke o hopola dithapelong tsa ka, ke leboha Modimo, Baasraak Sotho NT Ke leboha Modimo wa ka, ha ke o hopola kamehla merapelong ya ka. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ke leboha Modimo wa ka, ha ke o hopola kamehla merapelong ya ka. |
Ke simolla ka ho leboha Modimo wa ka ka Jesu Kreste ka baka la lona bohle, kahobane tumelo ya lona e roriswa lefatsheng lohle.
Re leboha Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, merapelong eo re sa phetseng ho le rapella ka yona;
Re leboha Modimo kamehla ka baka la lona bohle, re ntse re le hopotse merapelong ya rona.
Re tshwanetse ho leboha Modimo kamehla ka baka la lona, banabeso, kamoo ho lokelang kateng, ka baka la hobane tumelo ya lona e ntse e hola ka ho fetisa, le lerato la lona bohle ho e mong le e mong le ntse le eketseha.
Ke leboha Modimo oo ke o sebeletsang ka letswalo le lesweu, jwaloka bontate moholo, hoba ha ke phetse ho o hopola merapelong ya ka bosiu le motshehare;
kamoo ke utlwang tumelo ya hao ho Morena Jesu kateng, le lerato la hao ho bahalaledi bohle.