Eitse hobane a imamele, a ya tlung ya Maria, mma Johanne ya reilweng Mareka, moo badumedi ba bangata ba neng ba phuthehetse teng, ba rapela.
Filemone 1:24 - Sesotho 1909/1961 (SO) o na le Mareka, le Aristarke, le Demase, le Luka, basebedisi ba ka. BIBELE Le bo-Mareka, le Arisetarekose, le Demase, le Luka, bao re sebetsang mmoho le bona, ba a o dumedisa. Baasraak Sotho NT Mareko, Arisetareko, Demase, Lucas, basebetsi mmoho le nna. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mareko, Arisetareko, Demase, Lucas, basebetsi mmoho le nna. |
Eitse hobane a imamele, a ya tlung ya Maria, mma Johanne ya reilweng Mareka, moo badumedi ba bangata ba neng ba phuthehetse teng, ba rapela.
Haele Barnabase le Saule yare ha ba phethile mosebetsi wa bona, ba tloha Jerusalema, ba ena le Johanne, ya reilweng Mareka.
Pauluse le ba nang le yena, eitse hobane ba tlohe Pafose, ba fihla Perge, motse wa Pamfilia. Empa Johanne a kgaohana le bona, a kgutlela Jerusalema.
Motse kaofela wa ba wa tlala moferefere; ba phallela theatereng hammoho hobane ba tshware Gaiuse le Aristarke, banna ba Masedonia, balekane ba Pauluse.
Ra kena sekepeng sa Adramite, se neng se tla leba nqa mabopong a Asia, ra tloha, re ena le Aristarke wa Thesalonika, motse wa Masedonia.
Haele Tite, ke molekane wa ka le motlatsi wa ka ho lona; mme haele baena ba bang, ke baromuwa ba dikereke, ke letlotlo la Kreste.
Empa ke lekantse hobane e ka kgona ke le romele Epafrodite, ngwaneso le motlatsi wa ka mosebetsing le hlabanong, lenqosa la lona le ho nna, le mmaballi wa ka bohloking.
Le wena, molekanaka wa sebele jokong, ke a o rapela, ke re, o thuse basadi bao ba ntlatsitseng Evangeling, ba ena le Klemense, le bantshebedisi ba bang, bao mabitso a bona a ngodilweng bukeng ya bophelo.
Aristarke, ya tlamilweng le nna, o a le dumedisa; le motswala wa Barnabase, Mareka, eo le etseditsweng taelo ka baka la hae; ekare ha a etla ho lona, mo amoheleng.
Ba kereke e Babilona, e kgethehileng jwaloka lona, le Mareka, mora wa ka, ba le dumedisa.