Filemone 1:21 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ke o ngoletse tseo, ke ntse ke tshepile kutlo ya hao, mme ke a tseba hore o tla etsa le ho fetisa seo ke se boletseng. BIBELE Ke o ngolla le kgodisehile hore o tla mmamela, o be o etse se fetang le seo ke se kopang. Baasraak Sotho NT Ke o ngoletse ke tshepile kutlo ya hao, ke ntse ke tseba hore o tla etsa le ho fetisa seo ke se bolelang. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ke o ngoletse ke tshepile kutlo ya hao, ke ntse ke tseba hore o tla etsa le ho fetisa seo ke se bolelang. |
Leha ke ne ke le ngolle jwalo, e ne e le hore mohla ke fihlang, ke se ke ka swabiswa ke bao ke tshwanetseng ho thabiswa ke bona; kamoo ke ntseng ke le tshepile kaofela kateng, hobane thabo ya ka ke ya lona bohle.
Re romile le bona moena e mong, eo re boneng hangata a le mafolofolo ditabeng tse ngata; le jwale o sa na le mafolofolo a fetisang ka ho le tshepa haholo.
Haele nna, ke le tshepile Moreneng hore le ke ke la ba le kgopolo esele; empa ya le ferekanyang o tla fihlelwa ke kahlolo, leha e ka ba mang le mang.
Haele ka lona, re tshepile ka baka la Morena hoba le etsa tseo re le laelang tsona, le hoba le ya nne le di etse.