Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Filemone 1:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Hape, o ntokisetse ntlo; hobane ke tshepile hore ke tla le newa ka merapelo ya lona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

22 Hape o ntokisetsi bodulo, hobane ke na le tshepo ya hore ka dithapelo tsa lona ke tla kgutlisetswa ho lona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

22 Mme le nna o ntokisetse bodulo, hobane ke tshepile hore ka merapelo ya lona ke tla e newa.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

22 Mme le nna o ntokisetse bodulo, hobane ke tshepile hore ka merapelo ya lona ke tla e newa.

Ver Capítulo Copiar




Filemone 1:22
13 Referencias Cruzadas  

la re: Pauluse, o se ke wa tshaba; e ka kgona o hlahe pela Sesare, mme bona, Modimo o o neile bohle ba etang le wena sekepeng sena.


Eitse hobane ba mmeele letsatsi, ba tla ho yena ba le bangata moo a dutseng teng, mme a ba bolella, a paka tsa mmuso wa Modimo ho bona, a leka ho ba kgodisa bakeng sa Jesu, a isa ka molao wa Moshe le baporofeta, a qala hosasa ho fihlela mantsiboya.


ke tla le etela ha ke ya Spania; hobane ke tshepile hore ke tla le bona, ha ke haola naha ya lona, le hore ke lona le tla nkisa teng, ha ke se ke kgotswe hanyenyane ke lona.


re ntse re thuswa ke thapelo eo le ntseng le re etsetsa yona, hore mohau oo re o batlelwang ke batho ba bangata, o lebohelwe rona ke ba bangata.


Ke tswe ke tseba hobane hoo ho tla mphetohela polokeho ka merapelo ya lona, le ka tshitso ya Moya wa Jesu Kreste,


Hape, ke kgolwa Moreneng hoba le nna ke tla tla kapele ho lona.


Mme ke le kgothatsa haholoholo hore le ke le etse jwalo, ke tle ke busetswe ho lona kapele.


Tsebang hobane ngwanabo rona, Timothea, o lokolotswe; ekare ha a ka tla kapele, ke tla tla le yena ho le bona.


Bolellanang ditshito tsa lona, mme le rapellane, le tle le fole. Thapelo ya ya lokileng e na le matla a maholo ho sebetseng ha yona.


Ke sa na le ditaba tse ngata, empa ha ke rate ho le ngolla tsona ka pampiri le ka enke; empa ke tshepile ho le etela, le ho buisana le lona ka molomo, thabo ya lona e tle e phethehe.


empa ke tshepile hoba ke tla o bona kapele, le ho buisana le wena ka molomo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos