Yare ha a fihla ho monna wa Modimo, thabeng, a mo tshwara ka maoto. Gehasi a mpa a mo atamela ho mo suthisa; empa monna wa Modimo a re: Mo tlohele, hobane pelo ya hae e bohloko, mme Jehova o mpatetse, ha a ka a ntsebisa.
Esthere 8:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) Esthere a eketsa a bua pela morena; a itihela pela maoto a hae, a lla, a mo rapela hore a fedise morero o bolotsana wa Hamane, Moagage, le bohlale ba hae boo a rerileng Bajuda ka bona. BIBELE Esetere a boela a bua le kgosi, a itihela maotong a yona, a ipiletsa ho yona ka dikgapha, hore e fedise bobe bo rerilweng ke Hamane wa Moakake, le morero wa hae oo a neng a o reretse Bajuda. |
Yare ha a fihla ho monna wa Modimo, thabeng, a mo tshwara ka maoto. Gehasi a mpa a mo atamela ho mo suthisa; empa monna wa Modimo a re: Mo tlohele, hobane pelo ya hae e bohloko, mme Jehova o mpatetse, ha a ka a ntsebisa.
Kamora tseo, morena Assueruse a phahamisa Hamane, mora Hammedatha, Moagage; a mo hodisa, a phahamisa tulo sa hae ho feta tsa mahosana wohle ao a nang le wona.
hobane ho rekisitswe ka nna le ka setjhaba sa heso hore re fediswe, re bolawe, re timeletswe. Hojane ebeba ho rekisitswe ka rona, hore re tle re etswe makgoba a banna le a basadi, nkabe ke kgutsitse; empa motshwenyi a ka sitwa ho lefa seo morena a tla senyehelwa ke sona.
Morena a rola lesale la hae leo a neng a le amohile Hamane, a le nea Mordekai; mme Esthere a bea Mordekai monga ntlo ya Hamane.
A betana le lengeloi, a ba a le hlola, a ntse a lla, a le rapela. A le fumana Bethele, mme teng le buile le rona.
Ke Jesu eo, mehleng ya nama ya hae, ya kileng a hlahisa, ka mohoo o moholo le ka meokgo, merapelo ya hae e bohloko ho ya neng a ka tseba ho mo lwela lefung; mme eitse hobane a utluwe, ka baka la borapedi ba hae,
A itihela maotong a hae, a re: Molato e be wa ka, monghadi; leha ho le jwalo, lekgabunyane la hao le ke le bue tsebeng tsa hao, mme o utlwe mantswe a lekgabunyane la hao.