Kelellong o bohlale, matleng o matla ho fetisa; ke mang ya ka hanyetsanang le wona, a pholoha?
Eksoda 9:7 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Faro o a romela, a fumana hoba ha ho a shwa ntho leha e le nngwe mehlapeng ya Iseraele. Empa pelo ya Faro ya thatafala, a se ke a lokolla setjhaba. BIBELE Ke ha Faro a romela batho ho ya bona hore na ke nnete, mme ba fumana ho sa shwa phoofolo leha e le nngwe diphoofolong tsa bana ba Iseraele. Empa pelo ya Faro ya nna ya thatafala, a se ke a lokolla setjhaba hore se tsamaye. |
Kelellong o bohlale, matleng o matla ho fetisa; ke mang ya ka hanyetsanang le wona, a pholoha?
Empa ke tseba hoba morena wa Egepeta ha a ka ke a le dumella ho tsamaya, esita leha a ka etswa ka letsoho le matla.
Empa pelo ya Faro ya thatafala, mme ha a ka a ba utlwa, jwalokaha Jehova a ne a boletse.
Empa Faro a boela a ithatafatsa pelo le ka lekgetlo lena, mme a se ke a lokolla setjhaba.
Empa Jehova a thatafatsa pelo ya Faro, mme ha a ka a ba utlwa, jwalokaha Jehova a ne a boleletse Moshe.
Yaba Jehova o re ho Moshe le ho Aarone: Kakolang molora seboping, le o tlatse matsoho, mme Moshe a o akgele hodimo pela Faro.
Motho ya ntseng a kgalemelwa hangata, mme a itshatalatsa molala, o tla robeha hanghang, ho se le sehlare.
Kahobane ke tsebile hoba o thata, le hobane molala wa hao o jwaloka tshepe, le hobane o na le phatla ya koporo;
Empa mohla pelo ya hae e kokomohang, mme moya wa hae o ikgohomosang ho isa nyefolong, a tloswa teroneng ya hae ya borena, a amohuwa kganya ya hae;
Ha ho le jwalo, o hauhela eo o ratang ho mo hauhela, mme o thatafatsa eo o ratang ho mo thatafatsa.