Jwale, Elia a re ho baporofeta ba Baale: Ikgetheleng poho e nngwe; le e lokise pele, hobane le bangata, le ntoo bitsa lebitso la modimo wa lona; feela, le se ke la hotetsa mollo.
Eksoda 8:9 - Sesotho 1909/1961 (SO) Moshe a re ho Faro: Mpeele nako eo ke tlang ho o rapella ka yona, wena le bahlanka ba hao, le setjhaba sa hao, hore dihohwana di tlohe ho wena, le matlung a hao, di sale nokeng feela. BIBELE Yaba Moshe o re ho Faro: “Eba mosa ho kgetha nako eo ke tla o rapella ka yona, wena mmoho le bahlanka ba hao, le setjhaba sa hao, hore dihohwana di tloswe ho wena, le ka tlung ya hao, di sale ka nokeng feela.” |
Jwale, Elia a re ho baporofeta ba Baale: Ikgetheleng poho e nngwe; le e lokise pele, hobane le bangata, le ntoo bitsa lebitso la modimo wa lona; feela, le se ke la hotetsa mollo.
A re: Hosasane. Yaba o re: Ho tla ba jwalokaha o boletse o tle u tsebe hobane ha ho ya tshwanang le Jehova, Modimo wa rona.
Dihohwana di tla tloha ho wena, le matlung a hao, le ho bahlanka ba hao, le ho setjhaba sa hao, di sale nokeng feela.
Yaba Faro o bitsa Moshe le Aarone, a re: Rapelang Jehova hore a tlose dihohwana ho nna le ho setjhaba sa ka; ke tswe ke lokolla setjhaba, se tle se ye ho etsetsa Jehova mahlabelo.
Na selepe se ka ithoka ho ya remang ka sona na? Le sakga na e ka ithorisa ho ya sakgang ka yona na? Teng, ho ka ba jwaloka hoja thupa e ka sisinya letsoho la ya e emisang, kapa lere le ka emisa hoo e seng sefate.
Jehova a re ho Gideone: Setjhaba seo o nang le sona se seholo haholo, hoo ke sitwang ho neela Bamidiane matsohong a sona, esere mohlomong Baiseraele ba ithorisa bakeng sa ho rorisa nna, ba re: Re namoletswe ke matsoho a rona.