Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 8:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Yaba Faro o bitsa Moshe le Aarone, a re: Rapelang Jehova hore a tlose dihohwana ho nna le ho setjhaba sa ka; ke tswe ke lokolla setjhaba, se tle se ye ho etsetsa Jehova mahlabelo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Faro a bitsa Moshe le Arone, a re: “Rapelang Morena hore a tlose dihohwana tsena ho nna le ho setjhaba sa ka, mme ke tla lokolla setjhaba hore se yo etsetsa Morena sehlabelo.”

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 8:8
24 Referencias Cruzadas  

Yaba morena o bua, a re ho monna wa Modimo: Ako rapele Jehova, Modimo wa hao, o nthapelle hore letsoho la ka le tsebe ho honyetswa. Monna wa Modimo a rapela Jehova, mme letsoho la morena la boela la honyela, la eba jwaloka pele.


Ereng ho Modimo: Mesebetsi ya hao e tshabeha hakakang! Ka baka la boholo ba matla a hao, dira tsa hao di ipea katlase ho wena;


Yaba Faro o phakisa a bitsa Moshe le Aarone, a re: Ke sitetswe Jehova, Modimo wa lona, le lona.


Jwale, ako tshwarele sebe sa ka lekgetlo lena feela, mme o rapele Jehova, Modimo wa lona, a ke a tlose lefu lena feela ho nna.


Yaba o tloha pela Faro, a rapela Jehova.


Eitse ha ho tsebiswa morena wa Egepeta hore setjhaba se balehile, pelo ya Faro le dipelo tsa bahlanka ba hae tsa kweneha bakeng sa setjhaba, ba re: Re ne re etsang, ha re lokolla Iseraele mosebetsing wa rona?


Moshe a nolofatsa Jehova, Modimo wa hae, a re: Oho Jehova, na bohale ba hao bo ya tukellang setjhaba sa hao seo o se ntshitseng fatsheng la Egepeta ka matla a maholo le ka letsoho le matla?


Yaba Faro o re: Jehova ke mang hore ke utlwe lentswe la hae, mme ke lokolle Iseraele? Jehova ha ke mo tsebe, le Iseraele nke ke ka mo lokolla.


Empa eitse ha Faro a bona hobane ho kgaoditswe, a ithatafatsa pelo, a se ke a ba mamela, jwalokaha Jehova a ne a boletse.


Moshe a re: Bona, ke ya tloha ho wena, mme ke tla rapela Jehova; hosasane, menwang e tla tloha ho Faro, le ho bahlanka ba hae, le ho setjhaba sa hae, empa feela Faro a se ke a hlola a etsa ka mano, a hana ho lokolla setjhaba hore se ye ho hlabela Jehova.


Empa Faro a boela a ithatafatsa pelo le ka lekgetlo lena, mme a se ke a lokolla setjhaba.


Moshe a re ho Faro: Mpeele nako eo ke tlang ho o rapella ka yona, wena le bahlanka ba hao, le setjhaba sa hao, hore dihohwana di tlohe ho wena, le matlung a hao, di sale nokeng feela.


Yaba Faro o romela ho bitsa Moshe le Aarone, a re ho bona: Kajeno ke sitetswe Jehova; ke yena ya lokileng, nna le setjhaba sa ka re molato.


Rapelang Jehova hore ho se ke ha hlola ho eba diaduma tsa Modimo, kapa sefako; ke tla le lokolla le ye, mme ha le sa tla hlola le thibelwa.


Yaba Moshe o tloha pela Faro, a tswa motseng; a otlollela matsoho a hae ho Jehova; yaba diaduma le sefako di a kgaotsa, le pula ya esa lefatsheng.


Jwale setjhaba sa tla ho Moshe, sa re: Re sitilwe, hobane re buile hampe ka Jehova le ka wena. Rapela Jehova hore a tlose dinoha tsena ho rona. Moshe a rapella setjhaba.


Simone a araba, a re: Nthapelleng e le lona ho Morena, hore ke se ke ka welwa ke ntho le e nngwe ya tseo le di boletseng.


Setjhaba sohle sa re ho Samuele: Rapella bahlanka ba hao ho Jehova, Modimo wa hao, re tle re se ke ra shwa; hobane re ekeditse makgopo wohle a rona ka bobe boo ba ho ikopela morena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos