La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Eksoda 8:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Noka e tla nyekenyeha dihohwana; di tla nyoloha, di kene ka tlung ya hao, le ka taong tsa malao a hao, ho fihlela le malaong a hao, le ka matlung a bahlanka ba hao le a setjhaba sa hao, le diontong tsa hao le merifing ya hao eo ho dubelwang bohobe ho yona.

Ver Capítulo

BIBELE

Noka e tla nyeunya dihohwana; di tla tswa nokeng, di kene ka tlung ya hao, le ka kamoreng ya hao ya ho robala le betheng ya hao, le ka matlung a bahlanka ba hao, le hara setjhaba sa hao; le ka diboping tsa hao, le ka dijaneng tsa hao tse dubelang bohobe.

Ver Capítulo



Eksoda 8:3
8 Referencias Cruzadas  

Empa Joshabeathe, moradi wa morena, a nka Joase, mora Akasia, a mo utswa hara bara ba morena mohla ba bolawang, mme a mo isa hammoho le moanyesi wa hae kamoreng ya malao. Ka mokgwa o jwalo, Joshabeathe, moradi wa morena Jorame, mosadi wa Jehojada moprista, le kgaitsedi ya Akasia, a mo patela Athalia, a se ke a bolawa.


Fatshe la bona la tlala dihohwana, tsa kena le ka matlung a marena a bona.


Di tla tlala matlung a hao, le matlung a bahlanka ba hao kaofela, le matlung a Baegepeta kaofela; bontatao, kapa bontata bontatao ha ba eso ho bone tse kalo, haesale ba hlaha lefatsheng ho fihlela la kajeno. Yaba Moshe o a kgutla, a tloha pela Faro.


Batho ba inkela hlama ya bona e eso ho hohomohe, ba phuthela merifi ya bona ya ho dubela dikobong tsa bona, ba e jara mahetleng a bona.


Yaba Faro o bitsa dingaka le baupelli, mme le bona, ka ha e ne e le bahlalefi ba Egepeta, ba etsa jwaloka boupelli ba bona.


Dihohwana di tla tloha ho wena, le matlung a hao, le ho bahlanka ba hao, le ho setjhaba sa hao, di sale nokeng feela.


Ha o hana ho se lokolla, bona, ke tla otla naha yohle ya hao ka dihohwana.


Dihohwana di tla o hlwellela hodimo, wena le setjhaba sa hao, le bahlanka ba hao kaofela.