Eksoda 8:1 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Jehova o re ho Moshe: Eya ho Faro, o re ho yena: Ho thwe ke Jehova: Tlohela setjhaba sa ka se ye ho ntshebeletsa. BIBELE Yaba Morena o re ho Moshe: “Eya ho Faro, o re ho yena: Morena o bua tjena, o re: ‘Lokolla setjhaba sa ka, se tle se yo ntshebeletsa! |
Wa re: Ke tla ba le wena, mme pontsho ya hobane ke nna ke o romang, e tla ba ena: Mohla o ntshang setjhaba Egepeta, le tla tla sebeletsa Modimo hodima thaba ena.
Ba tla mamela lentswe la hao, mme o tla ya, wena le baholo ba Iseraele, ho morena wa Egepeta, mme le tla re ho yena: Jehova, Modimo wa Baheberu, o tlile ho rona, mme jwale, ako re dumelle; re ye tsela ya matsatsi a mararo lefeelleng, re tle re hlabele Jehova, Modimo wa rona, mahlabelo.
ke re ho wena: Lokolla moraka, a ye ho ntshebeletsa; empa ha o hana ho mo lokolla, bona, ke tla bolaya mora wa hao wa letsibolo.
Hamorao, Moshe le Aarone ba tla ho Faro, ba re ho yena: Ho thwe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Lokolla setjhaba sa ka, se yo nketsetsa mokete lefeelleng.
Ba re: Modimo wa Baheberu o itlhahisitse ho rona; ako re dumelle, re tsamaele lefeelleng matsatsi a mararo, re ye ho etsetsa Jehova, Modimo wa rona, sehlabelo, esere mohlomong a re wela hodimo ka lefu, leha e le ka lerumo.
o re ho yena: Jehova, Modimo wa Baheberu, o nthomile ho wena, a re: Tlohela setjhaba sa ka, se ye ho ntshebeletsa lefeelleng; ke mona ho fihlela jwale, ha o eso ho utlwe.
Yaba Jehova o re ho Moshe: Tsohela ka meso, o ye ho ema pela Faro; o tla mmona ha a tswela metsing; o re ho yena: Ho thwe ke Jehova: Lokolla setjhaba sa ka, se ye ho ntshebeletsa.
Yaba Jehova o re ho Moshe: Eya ho Faro, o re ho yena: Ho thwe ke Jehova, Modimo wa Baheberu: Lokolla setjhaba sa ka, se ye ho ntshebeletsa.
Yaba Jehova o re ho Joshua: Otlollela nqa Ai lerumo le letsohong la hao, hobane ke o neetse matsohong a hao. Mme Joshua a otlollela nqa Ai lerumo le letsohong la hae.