Josefa o ne a na le dilemo tse mashome a mararo mohla a emang pela Faro, morena wa Egepeta. Mme Josefa a tswa pela Faro, a ya lekola naha yohle ya Egepeta.
Eksoda 7:7 - Sesotho 1909/1961 (SO) Moshe o ba a na le dilemo tse mashome a robileng meno e mmedi, Aarone a na le tse mashome a robileng meno e mmedi a metso e meraro, mohla ba buang le Faro. BIBELE Ha ba bua le Faro, Moshe o ne a ena le dilemo tse mashome a robedi, Arone a ena le dilemo tse mashome a robedi a metso e meraro. |
Josefa o ne a na le dilemo tse mashome a mararo mohla a emang pela Faro, morena wa Egepeta. Mme Josefa a tswa pela Faro, a ya lekola naha yohle ya Egepeta.
Matsatsi a ho phela ha rona ke dilemo tse mashome a supileng, ho ba matla ke tse mashome a robileng meno e le mmedi; boikakaso ba tsona ke kgathatso le bomadimabe; hobane bophelo ba rona bo fela kapele, bo ikela koo.
Ditshiu tse ngata ha di fetile, morena wa Baegepeta a shwa. Haele bana ba Iseraele, ba ne ba ntse ba dumaela ka baka la ho tubeha ha bona, ba meketsa, mme ho meketsa ha bona ha fihla ho Modimo, kamoo ba tubehang kateng.
Mohla Aarone a shwang thabeng ya Hore, o ne a ena le dilemo tse lekgolo le le leng le nang le mashome a mabedi a metso e meraro.
Eitse ha a se a hodile dilemo tse mashome a mane, pelo ya hae ya hlahelwa ke takatso ya hore a etele banababo, bara ba Iseraele.
Eitse hobane ho fete dilemo tse mashome a mane, lengeloi la Morena la hlaha ho yena lefeelleng la thaba ya Sinai, kgabong ya mollo e sehlahleng.
Ke le tsamaisitse feelleng ka dilemo tse mashome a mane; diaparo tsa lona ha di a ka tsa senyeha ho lona, le dieta tsa hao ha di a ka tsa haraswana maotong a hao.
a re ho bona: Kajeno, ke na le dilemo tse lekgolo le nang le mashome a mabedi; ha ke sa na ho tswa le ho kena; hape, Jehova o mpoleletse, a re: O ke ke wa tshela Jordane.
Mohla Moshe a shwang, o ne a le dilemo tse lekgolo le nang le mashome a mabedi; mahlo a hae a ne a eso ho fifale; mme matla a hae a ne a eso ho kokobele.
Ka roma Moshe le Aarone, mme ka otla Egepeta kamoo ke entseng kateng hara yona, ka ntoo le ntsha teng.