Hara wena, Egepeta, o hlahisitse dipontsho le mehlolo e kileng ya lwantsha Faro le bahlanka ba hae kaofela.
Eksoda 7:10 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Moshe le Aarone ba ya ho Faro, ba etsa kamoo Jehova a ba laetseng kateng; Aarone a lahlela lere la hae fatshe pela Faro le pela bahlanka ba hae, mme la fetoha noha. BIBELE Yaba Moshe le Arone ba ya ho Faro, mme ba etsa kamoo Morena a ba laetseng kateng. Arone a akgela molamu wa hae kapele ho Faro, le kapele ho bahlanka ba hae, mme wa fetoha noha. |
Hara wena, Egepeta, o hlahisitse dipontsho le mehlolo e kileng ya lwantsha Faro le bahlanka ba hae kaofela.
Yaba bana ba Iseraele ba ya, ba etsa kamoo Jehova a laetseng Moshe le Aarone kateng: ba fela ba etsa jwalo.
A re: Le lahlele fatshe. A le lahlela fatshe; yaba le fetoha noha, mme a baleha pela yona.
Eya ho Faro ka hosasane; bona, o tla tswa ho ya metsing; o mo emele lebopong la noka ha a etla, o tshwere ka letsohong la hao lere le neng le fetohe noha;
Yaba Moshe le Aarone ba etsa kamoo Jehova a ba laetseng kateng; a emisa lere la hae, a otla metsi a noka pontsheng ya Faro le pontsheng ya bahlanka ba hae; mme metsi kaofela a noka a fetoha madi.
Etlere ha Faro a le bolella, a re: Etsang mohlolo; o tle o re ho Aarone: Nka lere la hao, o le lahlele pela Faro, mme le tla fetoha noha.
Leha ba ka ipata qhoweng ya Karmele, teng ke tla batlisisa, ke be ke ba tshware; leha ba ka ipatela mahlo a ka bodibeng ba lewatle, teng ke tla laela noha, mme e tla ba loma;
ba tla tshwara dinoha, mme leha ba nwele ntho e ka ba bolayang, ha e ka ke ya ba etsa letho; ba tla bea matsoho hodima ba kulang, mme ba tla fola.
Bonang, ke le neile matla a ho hata dinoha, le diphepheng, le matla wohle a sera; mme ha ho letho le tla le etsa hampe.