Ka boholo jwa borena ba hao o dihile ba neng ba o tsohetse matla; o ntshitse bohale ba hao, ba ba tjhesa jwaloka hoja e le mooko.
Eksoda 5:12 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba setjhaba se qhalanela naheng yohle ya Egepeta ho bokella ditlhoka bakeng sa setroi. BIBELE Jwale batho ba phasaphasa le naha ya Egepeta, ba thonaka dirite bakeng sa seteroi. |
Ka boholo jwa borena ba hao o dihile ba neng ba o tsohetse matla; o ntshitse bohale ba hao, ba ba tjhesa jwaloka hoja e le mooko.
Mpang le ye e le lona, le ipatleleng setroi moo le ka se fumanang teng, hobane ha ho qephiswe letho la mosebetsi wa lona oo le o laetsweng.
Bahlahlobi ba ba potlakisa, ba nna ba re: Phethang mesebetsi ya lona; ho etswe mosebetsi wa tsatsi le leng le le leng, jwaloka setroi ha se sa le teng.
Bona, ba jwaloka diriti, ba ya tjheswa ke mollo, ba ke ke ba tseba ho lopolla meya ya bona malakabeng; e ke ke ya eba mashala ao ho ikomoswang ka wona, leha e le mollo o orwang.
Ka baka leo, jwaloka malakabe a mollo ha a eja ditlhaka, le kgabo ha e tjhesa hlaha, motso wa bona o tla bola, o fele jwalo, le palesa ya bona e tla foforeha jwaloka lerole, hobane ba nyatsitse molao wa Jehova wa makgotla, ba nyedisitse lentswe la Mohalaledi wa Iseraele.
Ba thala ka modumo o kang wa makoloi a mathang hodima dithaba; ke modumo o kang wa lelakabe la mollo le tjhesang matlakala; ba jwaloka setjhaba se matla se itokiseditseng ntwa.
Ntlo ya Jakobo e tla ba mollo, ntlo ya Josefa e be lelakabe, ntlo ya Esau e be jwaloka matlakala; ba tla e tjhesa, ba e timetse, ho ke ke ha phela le a mong wa ntlo ya Esau, hobane Jehova o boletse.
Hobane, leha ba rarellane jwaloka meutlwa, mme ba tahilwe ke seno sa bona, ba tla tjheswa kaofela jwaloka mooko o omileng.
Ekare ha e mong a haha hodima motheo oo ka kgauta, kapa ka silefera, leha e le ka majwe a bohlokwa, le mahong, le jwang le dihlokwa,