“Ha e le bona, ba tla tshwana le dirite feela mollo o tla ba tjhesa, ba tjhelle lore! Ba ke ke ba ipholosa kganareng ya malakabe, ana hase mashala a ka futhumetsang motho, ona hase mollo o ka orwang ke motho.
Ka baka leo, ba tla tjha sa ditlhaka di tjheswa ke mollo, ba tjhe sa matlakala a tjheswa ke malakabe, metso ya bona e tla bola, thunthung tsa bona di fefohe jwaloka lerole, hobane ba furaletse molao wa Morena mabotho, ba nyedisitse polelo tsa Ya Halalelang wa Iseraele.
le laqoma hodima ditlhoro tsa dithaba, lerata la lona e ka la kariki tsa ntwa, e ka la mollo o qhoma, o tjhesa matlakala, e ka la diqhobane di eme thekong ya ntwa.
Ntlo ya Jakobo e tla ba mollo, ntlo ya Josefa e be lelakabe, ntlo ya Esau yona e be matlakala; ba tla e hotetsa ka mollo, ba e tjhese, ho se be ya phonyohang wa ntlo ya Esau,” ho rialo Morena.