Yaba ho bewa balaodi ba mosebetsi hodima sona, ho se tuba ka mesebetsi e boima. Ba hahela Faro metse ya mediko, Pithome le Ramsese.
Eksoda 5:10 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba bahlahlobi ba setjhaba le balaedi ba sona ba tswa, ba bolella setjhaba, ba re: Ho thwe ke Faro: Ha ke sa tla le nea setroi. BIBELE Bahlorisi ba setjhaba le baokamedi ba basebetsi ba tswa, ba ya bua le setjhaba, ba re: “Faro o buile tjena: ‘Ha ke sa tla hlola ke le nea seteroi! |
Yaba ho bewa balaodi ba mosebetsi hodima sona, ho se tuba ka mesebetsi e boima. Ba hahela Faro metse ya mediko, Pithome le Ramsese.
Jehova a re: Ke bone, ke bontshisitse ho tshwenyeha ha tjhaba sa ka Egepeta; ke utlwile ho meketsa ha bona bakeng sa batubi ba bona, hobane ke tseba mahlomola a bona.
Mpang le ye e le lona, le ipatleleng setroi moo le ka se fumanang teng, hobane ha ho qephiswe letho la mosebetsi wa lona oo le o laetsweng.
Jwale ka lona letsatsi leo, Faro a laela bahlahlobi ba setjhaba la balaedi ba sona, a re:
Mosebetsi a o ke o imele banna bana, mme ba eme ho wona, ba tle ba se ke ba mamela dipolelo tsa leshano.
Boporofeta hodima diphoofolo tsa borwa. Naheng ya tsietsi, ya mahlomola, ya tau e tshehadi le tau e tona, ya qowane le noha e fofang, ba belesa matlotlo a bona ka diesele, le maruo a bona mekokotlong ya dikamele, ho ya tjhabeng seo ba ke keng ba kotula letho ho sona.