Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Isaia 30:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Boporofeta hodima diphoofolo tsa borwa. Naheng ya tsietsi, ya mahlomola, ya tau e tshehadi le tau e tona, ya qowane le noha e fofang, ba belesa matlotlo a bona ka diesele, le maruo a bona mekokotlong ya dikamele, ho ya tjhabeng seo ba ke keng ba kotula letho ho sona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Bona ke boporofeta malebana le dibatana tsa naha e ka Borwa: Naheng ya ditsietsi le ya mahlomola, naheng ya ditau le ditauhadi, ya bo-marabe le ya noha tse mahloko, tse tjhalametsang, maqosa a belesitse maruo a wona hodima ditonki, matlotlo a wona hodima dilota tsa dikamele, a a isetsa tjhaba sena se se nang thuso,

Ver Capítulo Copiar




Isaia 30:6
31 Referencias Cruzadas  

Abrame a tloha, a tsamaya a ntse a lebile borwa.


A fihla Jerusalema ka letshwele le leholo, le ka dikamele tse bofileng dibano le kgauta e ngata haholo le mahakwe a bohlokwa; a fihla ho Salomone, a mmehela tsohle tseo a di hopotseng pelong ya hae.


Yaba Asa o ntsha silefera le kgauta bobolokelong ba ntlo ya Jehova le ba ntlo ya morena, a di romela ho Ben-Hadade, morena wa Siria, ya ahileng Damaseka, a re:


Mofumahadi wa Sheba eitse ha a utlwa botumo ba Salomone, a tla Jerusalema, ho leka Salomone ka dilotho, a ena le letshwele le leholo haholo le dikamele tse bofileng dibano le kgauta e ngata le mahakwe a bohlokwa. A fihla ho Salomone, mme a mmehela tsohle tseo a di hopotseng pelong ya hae.


Na o ka e tshepa, kahobane e na le matla a maholo na? Kapa o tla e laelletsa ho sebetsa ha hao na?


ba ba sulafaletsa bophelo ba bona ka mosebetsi o boima wa seretse le wa setene, le ka mesebetsi yohle ya masimo, mosebetsi oo, wohle wa bona ba ne ba ba sebedisa wona ka ho ba tuba.


Wena naha ya Filistia, o se ke wa thaba, ke hobane thupa e neng e o otla e robehile; hobane motsong wa noha ho tla tswa qowane, mme tholwana ya yona e tla ba drakone e fofang.


Ka baka leo, ho setseng ho bona le tseo ba di bolokileng, ba di isitse mose wane wa molatswana wa meduwane.


Naha ya Egepeta ke tla e neha morena ya thata, e buswe ke morena ya thata: ho bolela Morena, Jehova wa makgotla.


Teng ha ho tau, ha ho sebata se tlang ho bea leoto teng, leha e le ho fumanwa teng, empa ba lopolotsweng ba tla tsamaya teng.


Tsatsing leo, ho tla duma hodima Juda, jwalokaha ho duma lewatle; ha ho tadingwa lefatshe, ho tla bonwa lefifi le mahlomola, hodima lesedi le tla fifatswa ke maru.


Wa ya itlhahisa ho morena wa teng ka ole, o nkile tse nkgang hamonate; o romile manqosa a hao holehole, wa itebisa ho ya fihla nqalong ya bafu.


leha se leba fatshe, e tla ba tsieleho le lefifi le matswalo a tshabehang, mme se tla tebela botshong.


seo ke se laeditseng bontata lona moholo, mohla ke ba ntshang lefatsheng la Egepeta, seboping sa tshepe, ka re: Mamelang lentswe la ka, le etse tsohle tseo ke le laelang tsona; ke hona le tla ba setjhaba sa ka, nna ke be Modimo wa lona,


Ha ba ka ba re: O kae Jehova, ya re nyolotseng lefatsheng la Egepeta, ya re tsamaisitseng lefeelleng, naheng e tshehla, ya dikoti, naheng e omileng, ya moriti wa lefu, naheng e se nang motho ya fetang teng, leha e le motho ya ahileng teng?


Mora motho, retelletsa sefahleho sa hao nqa ho le letona, o rothisetse lentswe la hao nqa borwa, o be o porofetele moru wa naha ya borwa,


Efraime o ikgorisa ka moya, o phallela moya wa botjhabela. Tsatsi lohle o atisa bohata le tshenyeho. Ba hlaba selekane le Assiria, mme ole e iswa Egepeta.


Jehova o na le tseko le Juda, o tla kgalemela Jakobo ka baka la metsamao ya hae, a mo etse tse tshwanelang diketso tsa hae.


Wena, o tla ja, empa o ke ke wa kgora, mme tlala e tla dula maleng a hao; o tla re o a balehisa, empa o ke ke wa pholosa, mme seo o ka se pholosang ke tla se neela lerumo!


Dipere tsa koloi e nngwe, e leng tse ntsho, di tswela lefatsheng la Leboya, tse tsweu di latela mehlaleng ya tsona, tse phatswa di tswela lefatsheng la Borwa;


Nyakalla haholo, moradi wa Sione, o tshele ditlatse, moradi wa Jerusalema! Bona, morena wa hao ke enwa; o tla ho wena; ke ya lokileng, ya nang le poloko, ke ya ikokobetsang, ya kaletseng esele, e leng petsana, namane ya esele e tshehadi.


Yaba Jehova o re ho Moshe: Etsa noha e tjhesang, o e fanyehe sefateng; e mong le e mong ya lomilweng, ya tlang ho e tadima, o tla phela.


Mofumahadi wa Borwa o tla ema kahlolong le moloko wona, a o tswe; hobane o ne a tlohe pheletsong tsa lefatshe, ho tla mamela bohlale ba Salomone; mme bonang, e moholo ho Salomone o teng mona.


Feela a se ke a ipokellela dipere tse ngata, mme a se ke a busetsa setjhaba Egepeta, ho bokella dipere tse ngata; hobane Jehova o le boleletse, a re: Le se ke la boela la tsamaya ka tsela eo.


Haele lona, Jehova o le nkile, mme o le ntshitse Egepeta, seboping sa tshepe, hore le be setjhaba sa hae ka sebele, jwalokaha ho le jwalo kajeno.


ya o tsamaisitseng nahathothe eo e kgolo, e tshabehang, e nang le dinoha tse tjhesang le diphepheng, naha e omeletseng, e se nang metsi; Jehova, ya o ntsheditseng metsi lefikeng le thata,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos