Yaba Faro o laela setjhaba sa hae kaofela a re: Bana bohle ba batona ba hlahang, le tle le ba lahlele nokeng, mme bana bohle ba batshehadi le ba tlohele.
Eksoda 4:9 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ekare ha ba sa kgolwe le ke dipontsho tsena tse pedi, mme ba sa utlwe lentswe la hao, o tla nka metsi a noka, o a tshollele fatshe, mme metsi ao o a kgileng nokeng a tla fetoha madi hodima lefatshe. BIBELE Haeba ba ntse ba sa kgodiswe ke mehlolo ena e mmedi, mme ba sa mamele lentswe la hao, o tle o kge metsi nokeng, o atshele fatshe, moo ho ommeng. Metsi ao, ao o a kgileng nokeng, a tla fetoha madi ha a fihla mobung o ommeng.” |
Yaba Faro o laela setjhaba sa hae kaofela a re: Bana bohle ba batona ba hlahang, le tle le ba lahlele nokeng, mme bana bohle ba batshehadi le ba tlohele.
Etlare ha ba sa o dumele, mme ba sa utlwe puo ya pontsho ya pele, ba tla kgolwa ke puo ya pontsho ya bobedi.
Ho thwe ke Jehova: O tla tseba ka hona hoba ke nna Jehova: Ke tla otla metsi a noka ka lere le letsohong la ka, mme a tla fetoha madi.
hobane le tla ahlolwa ka kahlolo eo le ahlolang ba bang ka yona; mme tekanyo eo le lekanyang ba bang ka yona, le tla lekanyetswa ka yona le lona.