Yaba Jakobo o inkela makala a matala a poplire, le a haselaare, le a tjhesnute, a a ebola, a a etsa metaka e mesweu, a hlahisa bosweu bo ho wona.
Eksoda 4:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) Jehova a re ho yena: Keng eo e letsohong la hao? A re: Ke lere. BIBELE Yaba Morena o re ho yena: “Ke eng eo e ka letsohong la hao?” Moshe a re: “Ke molamu.” |
Yaba Jakobo o inkela makala a matala a poplire, le a haselaare, le a tjhesnute, a a ebola, a a etsa metaka e mesweu, a hlahisa bosweu bo ho wona.
Elisha a re ho yena: Ke tla o etsetsang na? Ntsebise, o na le eng ka tlung na? A re: Lekgabunyane la hao ha le na letho ka tlung haese pitsa ya ole.
Yaba Moshe o nka mosadi wa hae le bara ba hae, a ba palamisa diesele, a kgutlela lefatsheng la Egepeta. Moshe a nka lere la Modimo letsohong la hae.
Eya ho Faro ka hosasane; bona, o tla tswa ho ya metsing; o mo emele lebopong la noka ha a etla, o tshwere ka letsohong la hao lere le neng le fetohe noha;
Etlere ha Faro a le bolella, a re: Etsang mohlolo; o tle o re ho Aarone: Nka lere la hao, o le lahlele pela Faro, mme le tla fetoha noha.
Empa o tla ahlola mafutsana ka ho loka, a bue taba tsa ba banyenyane ba lefatshe ka nnete; o tla otla lefatshe ka thupa ya molomo wa hae, a timetse molotsana ka moya wa melomo ya hae.
Boshome bo bong le bo bong ba dikgomo le ba tse kgutshwane, ba tsohle tse tsamayang tlasa lere la modisa, bo kgethetswe Jehova.
Disa setjhaba sa hao ka lere la hao, e leng dinku tsa lefa la hao tse ahileng di nnotshi morung o hara Karmele; a di ke di alohele Bashane le Gileade, jwaloka mohla monene!