Eksoda 4:16 - Sesotho 1909/1961 (SO) E tla ba yena mmueli wa hao ho setjhaba, e be yena molomo wa hao, mme wena o be bakeng sa Modimo ho yena. BIBELE O tla o buella ho setjhaba, e be yena molomo wa hao, wena o be jwaloka Modimo ho yena. |
Mamela jwale lentswe la ka, ke o eletse, mme Modimo o be le wena! A e be wena ya emang pela Modimo bakeng sa setjhaba, e be wena ya isang ditaba ho Modimo.
Tsamaya he jwale, mme etlaba nna ke bang le molomo wa hao; mme ke tla o ruta seo o tla se bolela.
Aarone a ba bolella mantswe kaofela ao Jehova a a buileng ho Moshe, mme a etsa dipontsho mahlong a setjhaba.
Yaba Jeremia o nka maqephe a mang, a a nea Baruke, mora Neria, mongodi, mme a ngola ho wona, ka molomo wa Jeremia, mantswe wohle a lengolo leo Jojakime, morena wa Juda, a neng a le tjhesitse mollong; ha ba ha eketswa mantswe a mangata a jwaloka a pele.