Jehova a iponahatsa ho Abrame, a re: Lefatshe lena ke tla le nea ditloholo tsa hao. Teng Abrame a hahela Jehova ya iponahaditseng ho yena aletare.
Eksoda 24:4 - Sesotho 1909/1961 (SO) Moshe a ngola mantswe wohle a Jehova. Yaba o tsoha e sa le hosasa, a haha aletare tlasa thaba, a hloma le majwe a leshome le metso e mmedi ho lekana le meloko e leshome le metso e mmedi ya Iseraele. BIBELE Moshe a ngola mantswe wohle a Morena. A tsoha ka madungwadungwana, a haha aletare mosikong wa thaba, a hloma difika tsa kgopotso tse leshome le metso e mmedi, ho ya ka meloko e leshome le metso e mmedi ya bana ba Iseraele. |
Jehova a iponahatsa ho Abrame, a re: Lefatshe lena ke tla le nea ditloholo tsa hao. Teng Abrame a hahela Jehova ya iponahaditseng ho yena aletare.
Ka meso, Jakobo a tsoha, a nka lejwe leo a neng a le samile, a le emisa hore e be mokolokotwane, mme a tshela ole hodima lona.
lejwe lena leo ke le emisitseng mokolokotwane, e tla ba ntlo ya Modimo; mme ke tla o ntshetsa karolo ya leshome ya tsohle tseo o tlang ho nnea tsona.
Akija a tshwara kobo e ntjha eo a e apereng, a e tabola ditsiba tse leshome le metso e mmedi.
Elia a nka majwe a leshome le metso e mmedi, ka palo ya meloko ya bara ba Jakobo, eo lentswe la Jehova le neng le tlile ho yena, la re: Lebitso la hao e tla ba Iseraele.
kgakolong ya ntlo eo ya Modimo, ba hlaba poho tse lekgolo le le leng, le dipheleu tse makgolo a mabedi, le dikonyana tse makgolo a mane, le diphooko tse leshome le metso e mmedi tsa sehlabelo sa sebe sa Baiseraele bohle, ka palo ya meloko ya Iseraele.
Yaba Jehova o re ho Moshe: Ngola taba ena bukeng, e be kgopotso, o be o e phete ditsebeng tsa Joshua, hoba ruri ke tla timeletsa le ho hopolwa ha Amaleke katlasa lehodimo.
A ba a nka buka ya selekane, a e balla setjhaba; mme ba re: Tseo tsohle Jehova a di boletseng, re tla di etsa le ho di utlwa.
Mahakwe a tla bewa ka ho ya ka lenaneo la mabitso a bana ba Iseraele, a le leshome le metso e mmedi ka palo ya mabitso a bona; e tla ba a meloko e leshome le metso e mmedi, le leng le le leng le be le lebitso la lona, le ngodilweng ka mokgwa wa tiiso ya mangolo.
Hape, Jehova a re ho Moshe: Ngola mantswe ana, hobane ke entse selekane le wena le Iseraele ka mantswe ana.
Mehleng eo, Jehova o tla kgethelwa aletare bohareng ba lefatshe la Egepeta, mme sefika se kgethetsweng Jehova se tla ema pela meedi ya naha.
O tla nka lefi la phofo, o etse mahobe a leshome le metso e mmedi, bohobe bo bong le bo bong bo etswe ka dikarolo tse pedi tsa boshome ba efa.
Bua le bana ba Iseraele, mme o nke ho bona dithupa tse leshome le metso e mmedi, e nngwe ka ntlo e nngwe le e nngwe ya bontata bona; ke ho re, o nke e nngwe ho morena e mong le e mong wa matlo a bontata bona.
le tle le be ba jang le ba nwang tafoleng ya ka mmusong wa ka; mme le tle le dule diteroneng, le ahlole meloko e leshome le metso e mmedi ya Iseraele.
Jakobo, le Kefase, le Johanne, eitse ha ba lemoha mohau oo ke o neilweng, ba re nea matsoho a bolekane, nna le Barnabase, hore rona re ikele ho baditjhaba, mme bona ba ye ho ba lebollo.
Moshe a ngola molao ona, mme a o nea baprista, bana ba Levi, ba jarang areka ya selekane sa Jehova, le baholo bohle ba Iseraele.
Majwe a leshome le metso e mmedi ao ba neng ba a nkile Jordane, Joshua a a hloma Gilgale.
Joshua a re ho bona: Etellang areka ya Jehova, Modimo wa lona, pele kahare ho Jordane, mme monna e mong le e mong a nke lejwe teng, a le jare lehetleng, ka palo ya meloko ya bana ba Iseraele;
Lerako la motse le na le metheo e leshome le metso e mmedi eo ho ngodilweng ho yona mabitso a baapostola ba Konyana ba leshome le metso e mmedi.