La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Eksoda 21:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Ha monga lona a ne a le neile mosadi, mme mosadi eo e le tswaletse bara le baradi, mosadi le bana bao e tla ba ba monga lona, haele yena monna, o tla tloha a le mong.

Ver Capítulo

BIBELE

Haeba monga lona a le nyadisitse, mme mosadi eo a le tswalla bara kapa baradi, mosadi eo le bana bao e tla ba ba monga lona, mme lona le tla itsamaela le le inotshi.

Ver Capítulo



Eksoda 21:4
4 Referencias Cruzadas  

Sarai a re ho Abrame: Bona hle, Jehova o ntlhokisitse pelehi; ako kene ho lekgabunyane la ka, ekaba ke tla fuwa bana ka yena. Abrame a dumela lentswe la Sarai.


Ho bolotswe ya tswallwang tlung ya hao, le ya rekwang ka tjhelete ya hao, selekane sa ka se be nameng ya lona, e be selekane se sa feleng.


Ha le ne le tlile ha hao le le nnotshi, le tla tloha le le nnotshi; ha le ne le tlile le ena le mosadi, le tla tloha le mosadi wa lona.


Ekare ha lekgoba le tiisa, le re: Ke rata monga ka, ke rata le mosadi wa ka le bana ba ka, ha ke rate ho tloha ke ikela;