Makgwaba a nna a mo tlisetsa bohobe le nama hosasa, bohobe le nama mantsiboya; o ne a enwa metsi a molatswana.
Eksoda 2:5 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba moradi wa Faro o theohela nokeng ho ya tola, mme barwetsana ba hae ba nna ba itsamaela lebopong la noka; eitse ha a bona sethoto hara lehlaka, a roma lekgabunyane la hae ho ya se nka. BIBELE Jwale moradi wa Faro a theohela nokeng, ho ya tola; barwetsana ba mo sebeletsang ba nna ba tsamaya lebopong la noka. Moradi wa Faro a bona sethoto hara lehlaka, mme a romela lekgabunyane la hae ho ya se lata. |
Makgwaba a nna a mo tlisetsa bohobe le nama hosasa, bohobe le nama mantsiboya; o ne a enwa metsi a molatswana.
Ka baka la tsietsi ya bafumanehi, le la masisapelo a basenyehi, ke tla tsoha hona jwale, ho bolela Jehova, mme ke tla fa thuso ho ba hloriswang.
Kgalefo ya motho e tla o fetohela thoriso; ka kgalefo e setseng ho wena o tla itlama letheka.
Yaba o a se kwaholla, a bona ngwana, a fihlela e le ngwana wa moshanyana a ntse a lla, mme a mo qenehela, a re: Ke ngwana e mong wa Baheberu.
Eya ho Faro ka hosasane; bona, o tla tswa ho ya metsing; o mo emele lebopong la noka ha a etla, o tshwere ka letsohong la hao lere le neng le fetohe noha;
Yaba Jehova o re ho Moshe: Tsohela ka meso, o ye ho ema pela Faro; o tla mmona ha a tswela metsing; o re ho yena: Ho thwe ke Jehova: Lokolla setjhaba sa ka, se ye ho ntshebeletsa.
Pelo ya morena e letsohong la Jehova, o e lebisetsa hohle moo a ratang teng, jwaloka melatswana ya metsi.
Yaba Jehova o romela hlapi e kgolo ho metsa Jonase, Jonase a ba a dula mpeng ya hlapi matsatsi a mararo le masiu a mararo.
Eitse hobane a lahlwe, moradi wa Faro a mo thola, mme a ikgodisetsa yena, hore e tle e be mora wa hae ka sebele.