Wa ba nea bohobe bo tswang mahodimong ho ba fepa, wa ba ntshetsa metsi lefikeng ho ba nosa, wa re ho bona, ba kene, mme ba rue lefatshe leo o neng o hlapantse hore o tla ba nea lona.
Eksoda 17:6 - Sesotho 1909/1961 (SO) Bona, ke tla ema pela hao mane lefikeng la Horebe; o tla tea lefika, mme metsi a tla tswa ho lona, sesetjhaba se nwe. Moshe a etsa jwalo pontsheng ya baholo ba Iseraele. BIBELE Bona, ke tla ema pela hao mane lefikeng la Horebe. O tle o otle lefika leo. Metsi a tla tswa ho lona, mme setjhaba se tla nwa.” Moshe a etsa jwalo moo baholo ba setjhaba sa Iseraele ba ntseng ba bona. |
Wa ba nea bohobe bo tswang mahodimong ho ba fepa, wa ba ntshetsa metsi lefikeng ho ba nosa, wa re ho bona, ba kene, mme ba rue lefatshe leo o neng o hlapantse hore o tla ba nea lona.
Noka e teng eo melatswana ya yona e nyakallisang motse wa Modimo, sehalalelo sa meaho ya Mookamedi ya phahameng.
Ba leka Modimo dipelong tsa bona, ka ho kopa ho fepuwa kamoo ba lakatsang kateng; ba seba Modimo, ba re:
O fedile wa otla lefika, mme metsi a phorosetsa, dinoka tsa phalla; hleka o ka re fa le bohobe, le ho otla setjhaba sa wona ka dinama na?
Wa nthapela o le matswalong, ka o boloka, ka o utlwa ke ipopile ka leru le dumang, ka o leka metsing a Meriba. (Sela.)
Haele wena, emisa lere la hao, o otlollele letsoho la hao hodima lewatle, o le phatlole, bana ba Iseraele ba tsamaye hara lewatle moo ho omileng.
Yare ha Aarone a ntse a bolella phutheho yohle ya bana ba Iseraele, ha ba qala ho tadima nqa lefeelleng, ba tshoha kganya ya Jehova e bonahala lerung.
Ba ke ke ba nyorwa naheng e tshehla, ha ba haola ka yona; o tla phallisa metsi lefikeng bakeng sa bona, a petsole lefika, metsi a kwelle ho lona.
Nka lere la hao, mme le bitse phutheho, wena le ngwaneno Aarone; le tla bua le lefika pontsheng ya bona, mme ho tla tswa metsi ho lona; o tla ba ntshetsa metsi lefikeng, mme o tla nosa phutheho le dintho tsa yona.
Jesu a mo araba, a re: Hoja o tsebile neo ya Modimo, le ya reng ho wena: Mphe, ke nwe, ke wena o ka beng o qetse ho yena, mme a ka be a o file metsi a kollang.
Empa e mong le e mong ya nwang metsi ao ke mo neang wona, a ke ke a hlola a nyorwa le ka mohla o le mong, mme metsi ao nna ke mo neang wona, e tla ba ka ho yena sediba sa metsi a phallelang bophelong bo sa feleng.
ba nwele bohle seno se le seng sa moya; hobane ba ne ba enwa metsi a lefika la moya le ba latelang, mme lefika leo e ne e le Kreste.
Ho tloha Horebe, ho ya fihla Kadeshe-Barnea, ka tsela ya thaba ya Seire, ke matsatsi a leshome le motso o mong.
ya o tsamaisitseng nahathothe eo e kgolo, e tshabehang, e nang le dinoha tse tjhesang le diphepheng, naha e omeletseng, e se nang metsi; Jehova, ya o ntsheditseng metsi lefikeng le thata,
Moya le monyaduwa ba re: Tloo! Le ya utlwang a ke a re: Tloo! Le ya nyorilweng ha a tle; le ya ratang, a nke feela metsi a bophelo.