La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Eksoda 13:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

O boloke taelo ena ka nako ya yona, ka mengwaha yohle.

Ver Capítulo

BIBELE

O tla boloka taelo ena ka nako ya teng, ka selemo se seng le se seng.”

Ver Capítulo



Eksoda 13:10
8 Referencias Cruzadas  

Letsatsi leo le tla nne le le hopole; le tle le le kgethele Jehova e be mokete; ebe mokete ka taelo e sa feleng, melokong ya lona.


Le tla nne le kgethe mokete wa bohobe bo se nang ditomoso, hobane e tla be e le ka letsatsi leo ke ntshitseng makgotla a lona naheng ya Egepeta; le tla boloka letsatsi leo melokong ya lona, ke taelo e sa feleng.


Bosiu boo ke bosiu bo kgethelwang Jehova, ka hoba a ba ntshitse lefatsheng la Egepeta ka bona; ke bona bosiu bo kgethelwang Jehova, bo tlang ho bolokwa ke bana ba Iseraele kaofela melokong ya bona.


Etlere ha Jehova a le fihlisitse lefatsheng la Bakanana, le la Bahethe, le la Baamore, le la Baheve, le la Bajebuse, leo a hlapanyeditseng bontata lona hore o tla le nea lona, lefatshe le kollang lebese le dinotshi, le tle le etse mokgwa ona ka kgwedi ena.


O tla boloka mokete wa mahobe a sa lomoswang; ka matsatsi a supileng, ka nako e beilweng ya kgwedi ya Abibe, o tla ja mahobe a se nang ditomoso, jwalokaha ke o laetse; hobane ke ka yona kgwedi eo o tswileng Egepeta. Motho a se ke a hlaha pela ka a sa tshwara letho.


Ka letsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi eo, e tla ba mokete wa mahobe a se nang ditomoso, o etsetswang Jehova; le tla ja mahobe a se nang ditomoso ka matsatsi a supileng.