Letsatsi lena e tla ba la kgopotso ho lona, mme le tla le tlotlisa ka ho etsetsa Morena mokete. Meloko yohle ya lona e tla le boloka e le taelo ya mehla yohle.’ ”
“ ‘Le tla nne le etse mokete wa bohobe bo sa lomoswang, hobane ke ka letsatsi lena ke ntshitseng mabotho a lona naheng ya Egepeta; kahoo lona le meloko yohle ya lona le tla boloka letsatsi lena e le taelo ya mehla yohle.
Ya eba bosiu ba ho lebella Morena ha a ne a tla ba ntsha naheng ya Egepeta; kahoo bosiu bona boo e tla ba bosiu ba ho lebella Morena setjhabeng sohle sa Iseraele, le melokong yohle ya sona.
Ha Morena a le fihlisa naheng ya Bakanana, le ya Bahete, le ya Baamore, le ya Bahife, le ya Bajebuse, eo a ileng a e hlapanyetsa bo-ntata lona, hore o tla le nea yona, e leng naha e phallang lebese le mahe a dinotshi, le tle le etse tshebeletso ena, ka kgwedi ena.
“O tla etsa mokete wa bohobe bo sa lomoswang; ka matsatsi a supileng o je bohobe bo sa lomoswang, jwalokaha ke o laetse, ka nako e beilweng, ka kgwedi ya Mmesa, hobane ke ka yona o tswileng naheng ya Egepeta. “Ho se be ya tla hlaha kapele ho nna a itsolokile.
Ka letsatsi la leshome le metso e mehlano, hona kgweding eo, ke mokete wa Morena wa bohobe bo sa lomoswang, mme ka matsatsi a supileng le je bohobe bo sa lomoswang.