Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 13:11 - BIBELE

11 “E tle ere ha Morena a se a o fihlisitse naheng ya Kanana jwalokaha a ile a o hlapanyetsa, wena le bo-ntatao, hore o tla o nea yona,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Etlere ha Jehova a o fihlisitse naheng ya Bakanana, kamoo a le hlapanyeditseng wena le bontatao kateng, mme a o neile yona,

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 13:11
7 Referencias Cruzadas  

Ka lona tsatsi leo Modimo a etsa selekane le Aborame, a re: “Ditloholo tsa hao ke tla di nea naha ena, ho tloha nokaneng ya Egepeta ho isa Nokeng e Kgolo, e leng ya Euferatese;


Naha eo o jakileng ho yona, naha yohle ya Kanana, ke tla o nea yona le ditloholo tsa hao, e be leruo la mehla yohle, mme ke tla ba Modimo wa tsona.”


Bona, ke na le wena, mme ke tla o sireletsa hohle moo o yang teng, ke be ke o kgutlisetse naheng ena. Ha nka ke ka o furalla, ho fihlela ke etsa seo ke se buileng ho wena.”


Ke hobane o ne a hopotse tshepiso, tshepiso ya hae e halalelang, ho Aborahama, mohlanka wa hae.


Ha Morena a le fihlisa naheng ya Bakanana, le ya Bahete, le ya Baamore, le ya Bahife, le ya Bajebuse, eo a ileng a e hlapanyetsa bo-ntata lona, hore o tla le nea yona, e leng naha e phallang lebese le mahe a dinotshi, le tle le etse tshebeletso ena, ka kgwedi ena.


Hopola bahlanka ba hao, bo-Aborahama, le Isaka, le Iseraele, bao o neng o ba hlapanyetse ka lebitso la hao, wa re: ‘Ke tla ngatafatsa ditloholo tsa lona di be kaalo ka dinaledi tsa lehodimo; le naha ena yohle, eo ke buileng ka yona, ke tla e nea ditloholo tsa lona, mme e tla ba ya lona kamehla yohle.’ ”


Na ke nna ya emotseng setjhaba see sohle? Na ke nna ya se tswetseng, ha o re ho nna: ‘Ba sike sefubeng sa hao, jwalokaha mohodisi a sika lesea, o ba ise naheng eo ke e hlapanyeditseng bo-ntata bona’?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos