Yaba Moshe le Aarone ba ya ho Faro, ba re ho yena: Ho thwe ke Jehova, Modimo wa Baheberu: O tla hana ho fihlela neng ho ikokobetsa pela ka? Lokolla setjhaba sa ka, se ye ho ntshebeletsa.
Eksoda 10:4 - Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane ha o hanela setjhaba sa ka ha se tsamaya, bona, hosasane ke tla tlisa ditsie lefatsheng la hao; BIBELE Haeba o hana ho lokolla setjhaba sa ka, bona, hosasane ke tla tlisa ditsie naheng ena ya hao. |
Yaba Moshe le Aarone ba ya ho Faro, ba re ho yena: Ho thwe ke Jehova, Modimo wa Baheberu: O tla hana ho fihlela neng ho ikokobetsa pela ka? Lokolla setjhaba sa ka, se ye ho ntshebeletsa.
di tla aparela bophara ba naha, motho a be a sitwe ho bona lefatshe; di tla ja mesaletsa e phonyohileng, eo le e sietsweng ke sefako, di je difate tsohle tse ntseng di metse masimong a lona.
ke re ho wena: Lokolla moraka, a ye ho ntshebeletsa; empa ha o hana ho mo lokolla, bona, ke tla bolaya mora wa hao wa letsibolo.
Hamorao, Moshe le Aarone ba tla ho Faro, ba re ho yena: Ho thwe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Lokolla setjhaba sa ka, se yo nketsetsa mokete lefeelleng.
A re: Hosasane. Yaba o re: Ho tla ba jwalokaha o boletse o tle u tsebe hobane ha ho ya tshwanang le Jehova, Modimo wa rona.
Ke tla bea kgaohanyo dipakeng tsa setjhaba sa ka le sa setjhaba sa hao; pontsho ena e tla hlaha hosasane.
bona, hosasa, ka nako ena, ke tla nesa sefako se seholo ka ho fetisisa, seo ho esong ho be se jwalo Egepeta, haesale e eba teng ho fihlela la kajeno.
ke tla le buseletsa dilemo tse kileng tsa jewa ke bookgolane, le ke tsie, le ke marutle, le ke seongwane, kgotla la ka le leholo leo ke le rometseng hara lona.
O tla isa peo e ngata masimong a hao, empa o tla kotula ho seng hokae, hobane tsie e tla e ja.
Ditsie tsa tswa mosing, tsa tla lefatsheng, mme tsa newa matla a kang matla a diphepheng tsa lefatshe.