A re ho bona: Jehova a be le lona jwalo, jwalokaha ke fela ke tla le lokolla hore le tsamaye, lona le bana ba lona! Iponeleng, hobane kotsi e kapele ho lona.
Jwale, ke re: Esekiase a se ke a le thetsa, a se ke a le phoma ka mokgwa oo, mme le se ke la mo dumela; hobane ha ho modimo, leha e le wa setjhaba sefe kapa wa mmuso ofe, o tsebileng ho namolela setjhaba sa wona matsohong a ka le matsohong a bontate; ha ho le jwalo, Modimo wa lona wona o ka sitwa hakakang ho le namolela matsohong a ka!
Moshe a re: Re tla ya, re na le bahlankana ba rona le maqheku a rona; re ye le bara ba rona le baradi ba rona, ka manku a rona le makgomo a rona, hobane re etsetsa Jehova mokete.
Jehova o ne a ba eteletse pele ka topallo ya leru motshehare, ho ba bontsha tsela, le bosiu ka topallo ya mollo ho ba bonesetsa, hore ba tsamaye motshehare le bosiu.