Empa ho tla tsoha morena wa mohale, mme o tla busa ka matla a maholo, a etse kamoo a ratang kateng.
Daniele 8:5 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ka re ke sa ntse ke e bohile, ka bona phooko e haola ka bophara ba lefatshe, e tswa bophirimela, e sa hate fatshe; phooko eo e ne e na le lenaka le leholo dipakeng tsa mahlo a yona. BIBELE Ha ke ntse ke tadimile, ka bona phooko e etswa bophirimela, e haola lefatshe lohle, empa e sa hate fatshe. Phooko ena e ne e ena le lenaka la mophekapheka phatleng. |
Empa ho tla tsoha morena wa mohale, mme o tla busa ka matla a maholo, a etse kamoo a ratang kateng.
Hlooho ya setshwantsho seo e ne e le ya kgauta e tshekehileng, sefuba le matsoho a sona e le a silefera, mpa le matheka a sona e le a koporo, meomo e le ya tshepe,
Kamora hao, ho tla hlaha mmuso o mong, o monyenyane ho wa hao, ho ntoo ba mmuso o mong wa boraro wa koporo, o tlang ho busa lefatshe lohle.
Kamora seo, ha ke boela ke tadima, ka bona sebatana se seng se kang lengau, se ena le mapheo a mane a manong mokokotlong wa sona; sebatana seo se ne se na le dihlooho tse nne, mme sa newa borena.
phooko, ke morena wa Bagerike, mme lenaka le lelelele le dipakeng tsa mahlo a yona ke morena wa pele.
Ya fihla ho pheleu e dinaka tse pedi eo ke e boneng e eme pela noka, ya itihela hodima yona ka matla a bohale ba yona.
Yaba phooko e natlafala ka ho fetisisa, mme eitse hobane e fihle matleng a yona, lenaka le lelelele la kgoroha; bakeng sa lona ha mela manaka a mane a bonahalang ho lebana le meya e mene ya lehodimo.