Na le somile mang? Le ahlamisitse melomo ya lona ho seba mang? Le tjhadileditse mang maleme? Hleka ha le bana ba ikgantshang, leloko la leshano na,
BaKolose 3:6 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ke ka baka la ntho tseo bohale ba Modimo bo tlang hodima bana ba ho se dumele. BIBELE Ka baka la tse jwalo bohale ba Modimo bo tlela ba sa mo mameleng. Baasraak Sotho NT Ke ka baka la tsona kgalefo ya Modimo e tlelang bana ba ho se mamele. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ke ka baka la tsona kgalefo ya Modimo e tlelang bana ba ho se mamele. |
Na le somile mang? Le ahlamisitse melomo ya lona ho seba mang? Le tjhadileditse mang maleme? Hleka ha le bana ba ikgantshang, leloko la leshano na,
Hobane bohale ba Modimo bo bonahala bo etswa lehodimong, ho otla nyefolo e nngwe le e nngwe, le bokgopo bo bong le bo bong ba batho, ba hatellang nnete ka bokgopo.
Motho a se ke a le thetsa ka dipolelo tsa lefeela; hobane ke ka baka la ntho tseo bohale ba Modimo bo tlelang bana ba ho se dumele.
O lebelleng le le bana ba utlwang, ba sa yeng ka ditakatso tseo le neng le na le tsona pele mehleng ya ho se tsebe ha lona.
Mahlo a bona a tletse bofebe le sebe se sa phetseng, ba tjheha meya e dikadikang; ba na le dipelo tse hlalefetseng ho batla leruo; ke ba rohakilweng.
Empa kantle ho tla sala dintja, le baloi, le bafebi, le babolai, le ba rapelang medimo ya bohata, le bohle ba ratang leshano, le ba le etsang.