Mesebetsing yohle eo a kileng a e rerela tshebeletso ya ntlo ya Modimo, kapa tiiso ya molao le ya ditaelo, o nnile a etsa ka pelo yohle ya hae, a ntse a batla Modimo, mme a nna a atleha.
BaKolose 3:23 - Sesotho 1909/1961 (SO) Mme seo le se etsang, leha e ka ba eng le eng, le se etse ka pelo e ratang jwaloka hoja le etsetsa Morena, e seng batho; BIBELE Sohle seo le se etsang, le se etse ka dipelo tsohle tsa lona, jwaloka hoja le se etsetsa Morena, e seng batho. Baasraak Sotho NT Tsohle tseo le di etsang, le di etse ka pelo yohle, jwaloka hoja le etsetsa Morena, e seng batho; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Tsohle tseo le di etsang, le di etse ka pelo yohle, jwaloka hoja le etsetsa Morena, e seng batho; |
Mesebetsing yohle eo a kileng a e rerela tshebeletso ya ntlo ya Modimo, kapa tiiso ya molao le ya ditaelo, o nnile a etsa ka pelo yohle ya hae, a ntse a batla Modimo, mme a nna a atleha.
Boka Jehova, moya wa ka; tsohle tse ka ho nna a di ke di boke lebitso la hae le kgethehileng!
KOF. Ke bitsa ho wena ka pelo ya ka yohle: o nkarabe Jehova, ke tle ke boloke dikomelo tsa hao!
Tsohle tse fihlelwang ke letsoho la hao hore di ka sebetswa, o di etse ka matla a hao; hobane nqalong ya bafu moo o yang, ha ho sa le mosebetsi, leha e le morero, kapa tsebo, kapa bohlale.
Leha tseo kaofela di le jwalo, Juda ya sa tshepehang, ngwanabo, ha a ka a boela ho nna ka pelo yohle, ha mpa ha eba ka leshano, ho bolela Jehova.
Ha le itima dijo, le se ke la sosobanya difahleho tsa lona, jwaloka baikaketsi; ba itshenya tshobotsi, ba tle ba bonahale ho batho hobane ba itima dijo. Kannete ke a le bolella, ke re: Ba se ba nkile moputso wa bona.
Ya kgethang letsatsi, o le kgetha ka baka la Morena, mme ya sa kgetheng letsatsi, ha a le kgethe ka baka la Morena. Ya jang tsohle, o ja ka baka la Morena, hobane o leboha Modimo; mme ya sa jeng tsohle, ha a je ka baka la Morena, mme o leboha Modimo le yena.
Hobane leha re phela, re phelela Morena, mme leha re eshwa, re shwela Morena. Ka baka leo, leha re phela, leha re eshwa, re ba Morena.
Mme seo le se etsang, leha e ka ba eng le eng, ka ho bua, kapa ka ho sebetsa, le etse tsohle ka lebitso la Morena Jesu, le ntse le leboha ka yena Modimo Ntate.
Jwale, meya ya lona ha e hlatswitswe ke ho utlwa nnete, hore le be le lerato la boena le se nang boiketsiso, a le ke le rataneng ka ho tiya ka pelo e hlwekileng;
Ka baka la Morena, le ke le utlwe borena bofe le bofe ba batho, leha e le morena, kahobane e le yena e moholo;
Hobane thato ya Modimo ke hore le thibe, ka ho etsa hantle, melomo ya batho ba mawatla, ba sa tsebeng letho.