Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaKolose 3:23 - BIBELE

23 Sohle seo le se etsang, le se etse ka dipelo tsohle tsa lona, jwaloka hoja le se etsetsa Morena, e seng batho.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Mme seo le se etsang, leha e ka ba eng le eng, le se etse ka pelo e ratang jwaloka hoja le etsetsa Morena, e seng batho;

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

23 Tsohle tseo le di etsang, le di etse ka pelo yohle, jwaloka hoja le etsetsa Morena, e seng batho;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

23 Tsohle tseo le di etsang, le di etse ka pelo yohle, jwaloka hoja le etsetsa Morena, e seng batho;

Ver Capítulo Copiar




BaKolose 3:23
18 Referencias Cruzadas  

Mosebetsing o mong le o mong oo a ileng a o qala, o amanang le tshebeletso ya Tempele ya Modimo, le molao, le ditaelo, a batla Modimo wa hae, a sebetsa ka pelo yohle ya hae, mme kahoo a atleha.


Pesalema ya Davida. Boka Morena, wena moya wa ka; botho bohle ba ka bo boke bitso la hae le halalelang.


Ke o batla ka pelo ya ka yohle; se ntumelle ho kgeloha, ho kgeloha melao ya hao.


Morena, ke a ipiletsa, ke ipiletsa ka pelo ya ka yohle, ako nkarabe; ke tle ke phethe thato ya hao.


Nnee kutlwisiso ke tle ke hlomphe Molao wa hao, ke o boloke ka pelo ya ka yohle.


Tsohle tseo o ka di etsang, o di etse ka matla a hao kaofela, hobane lebitleng, moo o yang teng, ha ho sa na mosebetsi, kapa merero, kapa tsebo, kapa bohlale.


Empa leha tsena tsohle di etsahetse, Juda, kgaitsedi ya Iseraele e hlokang botshepehi, ha a a ka a kgutlela ho nna ka pelo ya hae yohle, o tlile ka mano feela,” ho rialo Morena.


“Ha le itima dijo, le se ke la itlhonamisa jwaloka baikaketsi; ba sosobanya difahleho, hore ba bonahale ho batho hore ba itima dijo. Kannete ke a le bolella, ba se ba amohetse moputso wa bona.


Ya hlomphang letsatsi le itseng o le hlomphela Morena; ya jang tsohle o di jela Morena, hobane o leboha Modimo. Ya sa jeng tsohle ha a di jele Morena, mme le yena e leboha Modimo.


hobane ha re phela, re phelela Morena; leha re eshwa, re shwela Morena. Ka baka leo, leha re phela, kapa re eshwa, re ba Morena.


Lona basadi, ikokobeletseng banna ba lona, jwalokaha le ikokobeletsa Morena,


Eng kapa eng eo le e etsang kapa le e bolelang, le e etse lebitsong la Morena Jesu, mme ka yena le lebohe Modimo Ntata lona.


Kaha le hlwekisitse meya ya lona ka ho mamela nnete, mme le rata bana babo lona ka lerato le se nang boikaketsi, ratanang ka dipelo tsohle, ka lerato le mofuthu.


Ka baka la Morena, ikokobeletseng ditaelo tsohle tsa batho: e ka ba tsa kgosi e phahametseng bohle,


Ke thato ya Modimo hore, ka ho etsa tse ntle, le fedise dipuo tsa bowatla, tsa dithoto.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos